BATJHA BA A BOTSA
Nka Fokotsa Mmele Jwang?
Na ke hloka ho fokotsa mmele?
Batjha ba bang ba re ba batla ho fokotsa mmele ya bona. Le ha ho le jwalo . .
Ba bangata ba amehile ka tsela eo ba shebahalang ka yona ho feta ho phela hantle. Batjha ba bang e le hore ba fokotse mmele ya bona, ba batla dintho tse ka ba thusang ka pele, jwalo ka hore ba itime dijo kapa ba nwe dipidisi tse fokotsang mmele. Hangata ho etsa jwalo ha hona thuso e bile ho ka ba kotsi.
Hailey o re: “Banana ba bang ba itima dijo e le hore ba fokotse mmele ka pele. Hangata sena se senya mmele ya bona mme ho ka nka nako hore ba boela ba be hantle.”
Ba bangata ba tshwenyehileng ka mmele ya bona ha ba tlameha ho tshwenyeha. Mmele ya bona e ne etse e le hantle, mohlomong ba mpa ba ipapisa le dithaka tsa bona kapa le dipapatso tse kgothalletsang batho hore ba be basesane.
Paola o re: “Ha ke ne ke le dilemo di 13 ke ne ke ipapisa le metswalle ya ka. Ke ne ke nahana hore ba tla nthata le ho feta haeba ke tshwana le bona e leng se bolelang hore ke ne ke tlameha ho ba mosesane haholo.”
Ka lehlakoreng le leng, ho na le batjha ba tlamehang ho fokotsa mmele ya bona. Ho ya ka tlaleho ya World Health Organization . . .
Lefatsheng lohle batjha ba dilemo tse pakeng tsa 5 ho ya ho 19 ba ka bang dimilione tse 340 ba batenya.
Ka 1975 e ne e le diperesente tse 4 feela tsa batjha ba dilemo tse 5 ho ya ho 19 ba neng ba le batenya. Ka 2016 dipalopalo di ile tsa eketseha mme ya eba di diperesente tse 18.
Dinaheng tse ding ho tlwaelehile hore batho ba be batenya ho na le hore ba be basesane.
Dinaheng tse futsanehileng ho tlwaelehile ho re batho ba be batenya, esita le malapeng a o batho ba teng ba sa jeng dijo tse nang le phepo.
Tsela e molemo ya ho fokotsa mmele ke efe?
O tla sebedisa mokgwa o fe?
Ho itima dijo.
Ho ikwetlisa le ho ja hantle.
Ho nwa dipidisi tse fokotsang mmele.
Karabo e nepahetseng: Ke mokgwa wa bobedi: Ho ikwetlisa le ho ja hantle.
Ho itima dijo le ho qoba mefuta e itseng ya dijo ho ka nna ha etsa hore o fokotse mmele ka pele. Mekgwa eo e ka nna ya ba kotsi ya etsa hore o none hape mohla o kgutlelang tseleng eo o tlwaetseng ho ja ka yona.
Ka lehlakoreng le leng, ha o leka ka hohle hore o phele hantle o tla shebahala le ho ikutlwa o phetse hantle. Dr Michael Bradley o re: “Tsela e sireletsehileng ya hore o phele hantle le eo ditlamorao tsa yona e leng tsa nako e telele . . . . ke ho phela ka tsela e tla etsa hore o dule o phetse hantle.” a O bolela eng? E le hore o fokotse mmele wa hao, o se ke wa nahana ho latela tsela e itseng ya ho ja empa fetola dintho tse itseng.
Seo nka se etsang
Bibele e re kgothalletsa hore re be ba “itekanetseng mekgweng” mme seo se akarelletsa le tsela eo re jang ka yona. (1 Timothea 3:11) Ha e le hantle e re re se ke ra ja haholo. (Liproverbia 23:20; Luka 21:34) O ntse o nahanne ka melaomotheo ena leka ho etsa dintho tse latelang e le hore o phele hantle:
Ithute hore na ho ja hantle ho akarelletsang.
Ha ho hlokahale hore o tshwenyehe haholo ka seo o se jang, empa ho tseba ka dijo tse nang le phepo e ntle tseo o lokelang ho di ja ho tla o thusa hore o je hantle. Ho ja hantle ke tsela e molemo ya hore o fokotse mmele ka tsela e sireletsehileng.
Ikwetlise ka mehla.
Nahana ka dintho tseo o ka di etsang e le hore o ikwetlise. Ka mohlala ho ena le hore o palame lift tsamaya ka ditepisi. Nka halofo ya nako eo o e qetang o bapala divideo game o etsa brisk walk.
E ja dijo tse nang le phepo ho na le ho ja tse se nang phepo.
Sophia o re: “Ke leka ho beha dijo tse nang le phepo jwalo ka ditholwana le meroho pela ka, ha ke etsa jwalo ha ke qobellehe ho re ke je dijo tse se nang phepo.”
O se ke wa ja o potlakile.
Batho ba bang ba ja ka pele hoo ba sa “utlweng” le ha ba kgotshe. Ka hoo iketle ha o ja. Ema hanyane pele o ka ipheta. O tla fumana hore ha se hore o lapile jwalo ka ha o ne o nahana.
Hlokomela hore na dijo tseo o di jang di ka thusa mmele wa hao jwang.
Sheba hore na label e re dijo tseo di ka thusa mmele wa hao jwang. Ka mohlala: Diterinki tse nang le kgase, dijo tse nang le mafura le tse nang le tswekere di ka etsa hore o none.
E ba le tekatekano.
Sara ya dilemo di 16 o re: “Ka nako e nngwe ha ke ne ke sheba dijo tsa ka ke ne ke bona dijo tse tlo nnotsha.” Ka dinako tse ding o ka nna wa ja dijo tse nang le tswekere kapa tse nang le mafura.
Keletso: Bua le ngaka ya hao haeba o tshwenyehile ka mmele wa hao. Ka ha o tseba mmele wa hao le tsohle tse amehang a ka o thusa hore o kgethe tsela e nepahetseng ya hore o phele hantle.
a Ho tswa bukeng ya When Things Get Crazy With Your Teen.