Na Bibele e Bua ka Pelekatori?
Bibele ya araba
Tjhe, ha e bue ka yona. Ha ho na moo Bibele e buang ka lentswe “pelekatori,” hape ha ho na moo e rutang hore meya ya batho ba shweleng e ya hlwekiswa ha e fihla pelekatoring. a Hlokomela seo Bibele e se rutang ka sebe le lefu le hore seo e rutang se fapane le thuto ya pelekatori.
Ho ba le tumelo mading a Jesu, ke hona ho hlwekisang motho dibeng tsa hae eseng ho ya sebakeng se bitswang pelekatori. Bibele e re “madi a Mora wa hae Jesu a re hlwekisa sebeng sohle” le hore ‘Jesu Kreste . . o ile a re lokolla dibeng tsa rona ka madi a hae.’ (1 Johanne 1:7; Tšenolo 1:5) Jesu o ile a fana “ka moya wa hae hore e be thekollo bakeng sa ba bangata” e le hore a ka hlakola dibe tsa bona.—Matheu 20:28.
Batho ba shweleng ha ba tsebe letho. “Ba phelang baa tseba hore ba tla shwa; empa ha e le ba shweleng, ho hang ha ba tsebe letho.” (Moeklesia 9:5) Ka ha motho ya shweleng ha ho letho leo a le utlwang, ha ho kgonehe hore a ka hlwekiswa ka mollo wa pelekatori.
Motho ha a ahlolelwe dibe ka mora hore a shwe. Bibele e re “moputso oo sebe se o lefang ke lefu” le hore motho ya “shweleng o hlakotswe molato wa sebe sa hae.” (Baroma 6:7, 23) Kahoo, lefu ke kahlolo e tshwanelang sebe.
a Buka ya Orpheus: A General History of Religions e re “ha ho moo ho buang ka pelekatori ka Dikosepeleng.” Ka ho tshwanang, New Catholic Encyclopedia e re: “Ha ho etswa dipatlisiso ka taba ena, ho fumanwe hore thuto ena ya Khatholike e thehuwe meetlong eseng Mangolong a Halalelang.”—Second Edition, Volume 11, leqephe 825.
b Sheba New Catholic Encyclopedia, Second Edition, Volume 11, leqephe 824.