KGAOLO YA 12
O ka Etsang Hore o be Motswalle wa Modimo?
1, 2. E meng ya metswalle ya Jehova e ne e le bo mang?
KE MOTHO ya jwang eo o batlang hore e be motswalle wa hao? Ke motho eo o mo ratang, eo o utlwanang le yena le ya nang le botho le makgabane ao o a ratang.
2 Jehova Modimo le yena o kgetha metswalle ya hae ka hloko. Ka mohlala, Abrahama e ne e le motswalle wa Jehova. (Esaia 41:8; Jakobo 2:23) Jehova o ne a boetse a rata Davida. O ile a re Davida ke ‘monna ya ratwang ke pelo ya hae.’ (Liketso 13:22) Moprofeta Daniele le yena e ne e le ya “kgahlehang haholo” ho Jehova.—Daniele 9:23.
3. Ke hobaneng ha Abrahama, Davida, le Daniele e ile ya ba metswalle ya Jehova?
3 Ho tlile jwang hore Abrahama, Davida, le Daniele e be metswalle ya Jehova? Jehova o ile a re ho Abrahama: “O mametse lentswe la ka.” (Genese 22:18) Jehova o etsa setswalle le batho ba mo mamelang. Esita le setjhaba se ne se ka etsa setswalle le Jehova. O ile a re ho setjhaba sa Iseraele: “Mamelang lentswe la ka, mme ke tla ba Modimo wa lona, mme le tla ba setjhaba sa ka.” (Jeremia 7:23) Ka hoo, le wena o lokela ho mamela Jehova haeba o batla ho ba motswalle wa hae.
JEHOVA O SIRELETSA METSWALLE YA HAE
4, 5. Jehova o sireletsa metswalle ya hae jwang?
4 Bibele e re Jehova o batla ho bontsha “matla a hae molemong wa bao dipelo tsa bona di feletseng ho yena.” (2 Likronike 16:9) Ho Pesaleme ya 32:8, Jehova o re ho metswalle ya hae: ‘Ke tla etsa hore le be le temohisiso mme ke le rupele ka tsela eo le lokelang ho tsamaya ka yona. Ke tla le fa keletso leihlo la ka le le hodima lona.”
5 Ho na le sera se matla se sa batleng ha re ba metswalle ya Modimo. Empa Jehova o batla ho re sireletsa ho sona. (Bala Pesaleme ya 55:22.) Jwalo ka metswalle ya Jehova, re mo sebeletsa ka dipelo tsohle tsa rona. Re a mo tshepahalla esita le tlasa maemo a boima. Mopesaleme o ile a re ka Jehova: “Ka hobane o letsohong la ka le letona, nke ke ka therekediswa kapa ka sisinywa.” (Pesaleme ya 16:8; 63:8) Le rona re ikutlwa jwalo ka mopesaleme. Satane o leka ka ditsela dife ho re thibela ho ba metswalle ya Modimo?
SATANE O QOSA BATHO
6. Satane o ile a reng ka batho?
6 Kgaolong ya 11 re ithutile kamoo Satane a ileng a qosa Jehova kateng. Satane o ile a re Jehova ke raleshano le hore o ne a sa lokela ho behela Adama le Eva melao. Buka ya Bibele ya Jobo e re ruta hore Satane o boetse o qosa batho ba batlang ho ba metswalle ya Modimo. Satane o re batho ba sebeletsa Modimo hobane a ba thusa e seng hobane ba mo rata. Satane o boetse o re a ka etsa hore motho ofe kapa ofe a fetohele Modimo. A re boneng seo re ka ithutang sona ho Jobo le kamoo Jehova a ileng a mo sireletsa kateng.
7, 8. (a) Jehova o ne a ikutlwa jwang ka Jobo? (b) Satane o ile a reng ka Jobo?
7 Jobo e ne e le mang? E ne e le monna ya lokileng, ya phetseng dilemong tse ka bang 3 600 tse fetileng. O ne a tshepahala hoo Jehova a ileng a re ho ne ho se na motho ya tshwanang le yena lefatsheng ka nako eo. Jobo o ne a rata Jehova haholo mme o ne a hloile ntho e nngwe le e nngwe e mpe. (Jobo 1:8) Jobo e ne e le motswalle wa nnete wa Jehova.
8 Satane o ile a re Jobo o sebeletsa Modimo hobane feela Modimo a mo thusa le ho mo sireletsa. Satane o ile a re ho Jehova: “Na ha o a hloma lekgwakgwa [kapa lebota] ho mo potoloha ka hohle le ho potoloha ntlo ya hae le ho potoloha ntho e nngwe le e nngwe eo a nang le yona? O hlohonolofaditse mosebetsi wa matsoho a hae, mme diphoofolo tsa hae tse ruilweng di hasane hohle lefatsheng. Empa, ho fapana le hoo, ka kopo, otlolla letsoho, o ame ntho e nngwe le e nngwe eo a nang le yona mme o bone hore na a ke ke a o rohaka sefahla mahlo.”—9. Jehova o ile a dumella Satane hore a etseng?
9 Satane o ile a qosa Jobo ka hore o sebeletsa Jehova hobane feela a mo thusa le ho mo sireletsa. Satane o ile a boela a re o ne a ka etsa hore Jobo a kgaotse ho sebeletsa Jehova. Le hoja Jehova a sa ka a dumellana le Satane, o ile a mo dumella hore a leke botshepehi ba Jobo.
SATANE O HLASELA JOBO
10. Satane o ile a hlasela Jobo jwang, hona Jobo o ile a etsang ha a lekwa?
10 Satane o ile a qala ka ho utswa kapa ho bolaya mehlape yohle ya Jobo. Ka mora moo, Satane o ile a bolaya ba bang ba bahlanka ba Jobo. Jobo o ile a lahlehelwa ke ntho e nngwe le e nngwe. Qetellong, Satane o ile a bolaya bana ba Jobo ba 10 ka sefefo. Empa Jobo o ile a dula a tshepahalla Jehova. Bibele e re: “Ho sena sohle Jobo ha a ka a etsa sebe kapa a beha Modimo molato ka ntho leha e le efe e sa tshwanelang.”—Jobo 1:12-19, 22.
11. (a) Satane o ile a boela a etsang ho Jobo? (b) Jobo o ile a etsang ha Satane a mo leka?
11 Satane ha a ka a tela. O ile a re ho Modimo: ‘Ama lesapo la hae le nama ya hae mme o bone hore na a ke ke a o rohaka sefahla mahlo.’ Ka hoo Satane o ile a otla Jobo Jobo 2:5, 7) Le lekgetlong lena Jobo o ile a tshepahalla Jehova. Jobo o ile a re: “Nke ke ka tlosa botshepehi ba ka ho nna ho fihlela ke shwa!”—Jobo 27:5.
ka bolwetse bo bohloko haholo. (12. Jobo o ile a bontsha jwang hore Satane o leshano?
12 Jobo o ne a sa tsebe hore ke Satane ya neng a mo leka. O ne a nahana hore Jehova ke yena ya neng a mo bakela mathata. (Jobo 6:4; 16:11-14) Le ha ho le jwalo, Jobo o ile a dula a tshepahalla Jehova. Jwale ho ne ho hlakile hore Jobo o feela a rata Modimo. O ne a sa sebeletse Jehova hobane feela a mo thusa. Empa e ne e le motswalle wa Modimo hobane a hlile a mo rata. Diqoso tsohle tsa Satane e ne e le mashano!
13. Botshepehi ba Jobo bo ile ba bontshang?
13 Le hoja Jobo a ne a sa tsebe seo Satane a neng a se buile ka yena lehodimong, o ile a tshepahalla Modimo mme a bontsha hore Satane o kgopo. Jehova o ile a hlohonolofatsa Jobo ka lebaka la botshepehi ba hae.—Jobo 42:12-17.
KAMOO SATANE A O QOSANG KATENG
14, 15. Satane o qosa batho bohle kang kajeno?
14 Ho na le dintho tsa bohlokwa tseo o ka ithutang tsona ho se ileng sa etsahalla Jobo. Kajeno Satane o re re sebeletsa Jehova hobane a re fa kapa a re etsetsa ho itseng. Lengolong la Jobo 2:4, Satane o ile a re: “Motho o tla nehelana ka ntho e nngwe le e nngwe eo a nang le yona bakeng sa [bophelo ba] hae.” Ka hoo Satane ha a qose Jobo feela, empa o qosa batho bohle ka hore ha ba sebeletse Jehova hobane ba mo rata. Ka mora dilemo tse makgolo Jobo a shwele, Satane o ile a nna a tswela pele ho tella Modimo le ho qosa bahlanka ba Modimo. Ka mohlala, ho Liproverbia 27:11 Jehova o re: “Mora wa ka, hlalefa mme o thabise pelo ya ka, e le hore nka araba ya nnyedisang [kapa ya nthohakang].”
15 Le wena o ka kgetha ho mamela Jehova le ho ba motswalle wa hae mme wa bontsha hore Satane o leshano. Esita le haeba o ka tlameha ho etsa diphetoho bophelong ba hao hore o be motswalle wa Modimo, o ke ke wa itshola ka ho etsa jwalo! O se ke wa nka taba ena ha bobebe. Satane o re o ke ke wa tshepahalla Modimo ha o na le mathata. O leka ho re qhekella hore re se ke ra mamela Modimo. O etsa seo jwang?
16. (a) Satane o sebedisa mekgwa efe ho leka ho thibela batho hore ba se ke ba sebeletsa Jehova? (b) Satane a ka nna a o leka jwang hore o se ke wa sebeletsa Jehova?
16 Satane o sebedisa mekgwa e sa tshwaneng ho etsa hore re se ke ra sebeletsa Modimo. O re hlasela “jwalo ka tau e purumang, e batlang ho harola e mong.” (1 Petrose 5:8) Ka hoo o se ke wa makala ha ba lelapa leno kapa metswalle ba leka ho o thiba hore o se ke wa ithuta Bibele le ho sebeletsa Jehova. Ha seo se etsahala, o ka nna wa utlwa eka Satane o a ba sebedisa hore a o hlasele. * (Johanne 15:19, 20) Satane o boetse o iketsa “lengeloi la lesedi.” Ka hoo a ka nna a leka ho re kgelosa ka ho etsa hore re latele dithuto tsa hae e seng tsa Modimo. (2 Bakorinthe 11:14) Satane a ka boela a re nyahamisa mme a etsa re ikutlwe eka ha re tshwanelehe ho sebeletsa Jehova.—Liproverbia 24:10.
MAMELA MELAO YA JEHOVA
17. Ke hobaneng ha re mamela Jehova?
17 Ha re mamela Jehova re bontsha hore Satane o leshano. Ke hobaneng ha re mamela Jehova? Bibele e re: “O rate Jehova Modimo wa hao ka pelo ya hao yohle le ka Deuteronoma 6:5) Re mamela Jehova hobane re mo rata. Ha re ntse re rata Jehova ka ho eketsehileng, re tla etsa ntho efe kapa efe eo a reng re e etse. Bibele e re: “Se bolelwang ke lerato la Modimo ke sena, hore re boloke ditaelo tsa hae; leha ho le jwalo ditaelo tsa hae ha di boima.”—1 Johanne 5:3.
moya wa hao ohle le ka mafolofolo a hao ohle.” (18, 19. (a) Ke dife tse ding tsa dintho tseo Jehova a reng di fosahetse? (b) Re tseba jwang hore melao ya Jehova ha e boima?
18 Ke dife tse ding tsa dintho tseo Jehova a reng di fosahetse? Tse ding tsa tsona di hlaha lebokoseng le reng “ Hloya Dintho Tseo Jehova a di Hloileng.” Tse ding tsa dintho tseo di ka nna tsa bonahala di se mpe hakaalo. Empa ho bala ditemana tsa Bibele tse hlahang lebokoseng leo le ho nahanisisa ka tsona, ho tla o thusa ho bona hore na ke hobaneng ha ho le bohlale ho mamela seo Modimo a se buang. O ka nna wa hlokomela hore o lokela ho etsa diphetoho tse itseng bophelong ba hao. Le hoja ho ka nna ha ba thata ho etsa diphetoho tseo, o tla thaba ha o ka di etsa mme o tla fumana kgotso ya kelello e tliswang ke ho ba motswalle wa Modimo. (Esaia 48:17, 18) Re tseba jwang hore ho a kgoneha ho etsa diphetoho tsena?
19 Ha ho mohla Jehova a re kopang ho etsa ntho e ka hodimo ho matla a rona. (Deuteronoma 30:11-14) Jehova ke Motswalle wa rona wa sebele mme o re tseba le ho re feta. O tseba mefokolo ya rona le moo re ipabolang teng. (Pesaleme ya 103:14) Bibele e re: “Modimo o a tshepahala, mme a ke ke a le tlohela hore le lekwe ho feta seo le ka se jarang, empa hammoho le moleko o tla boela a le bulele tsela ya ho tswa e le hore le kgone ho o mamella.” (1 Bakorinthe 10:13) Re kgodisehile hore Jehova o tla re fa matla ao re a hlokang hore re etse thato ya hae. O tla o fa “matla a fetang se tlwaelehileng” ho o thusa ho mamella diteko. (2 Bakorinthe 4:7) Ka mora hore Modimo a mo thuse ha a ne a le mathateng, Pauluse o ile a re: “Bakeng sa dintho tsohle ke na le matla ka lebaka la ya mphang bonatla.”—Bafilipi 4:13.
RATA DINTHO TSEO MODIMO A DI RATANG
20. Ke makgabane afe a Modimo ao o lokelang ho a etsisa, hona hobaneng?
20 Haeba re batla ho ba metswalle ya Jehova, re lokela ho tlohela dintho tseo a reng di fosahetse. (Baroma 12:9) Re boetse re lokela ho rata dintho tseo a di ratang. Tse ding tsa tsona di hlalositswe ho Pesaleme ya 15:1-5. (E bale.) Metswalle ya Jehova e etsisa makgabane a hae a kang “lerato, thabo, kgotso, tiisetso, mosa, molemo, tumelo, bonolo, [le] boitshwaro.”—Bagalata 5:22, 23.
21. O ka etsang hore o be le makgabane a tshwanang le a Modimo?
21 O ka etsang hore o be le makgabane aa a kgahlisang Modimo? Ithute Bibele kamehla e le hore o tsebe dintho tseo Jehova a di ratang. (Esaia 30:20, 21) Ha o etsa sena, o tla rata Jehova le ho feta mme ho tla ba bonolo ho mo mamela.
22. O tla fumana moputso ofe ha o mamela Jehova?
22 Diphetoho tseo o lokelang ho di etsa bophelong ba hao di ka tshwantshwa le ho hlobola diaparo tsa kgale e le hore o apare tse ntjha. Bibele e re o lokela ho hlobola “botho ba kgale” mme o apare “botho bo botjha.” (Bakolose 3:9, 10) Le hoja ho ka nna ha se be bonolo ho etsa diphetoho tsena, Jehova o tla thaba ha re di etsa mme o tshepisa hore o tla re fa “moputso o moholo.” (Pesaleme ya 19:11) E se eka o ka kgetha ho mamela Jehova mme o bontshe hore Satane o leshano. Sebeletsa Jehova hobane o hlile o mo rata, e seng hobane feela a o tshepisitse moputso o itseng. Ka ho etsa sena, o tla ba motswalle wa sebele wa Modimo!
^ par. 16 Sena ha se bolele hore metswalle kapa ba lelapa la hao ba laolwa ke Satane ka ho toba. Empa hopola hore Satane ke “modimo wa [lefatshe lena]” le hore “lefatshe lohle le [buswa ke yena].” Ka hoo ha re makale ha batho ba bang ba leka ho re thibela hore re se ke ra sebeletsa Jehova.—2 Bakorinthe 4:4; 1 Johanne 5:19.