Jehova o Fana ka Matshediso Matshwenyehong Ohle a Rona
“Modimo wa matshediso ohle . . . ya re tshedisang matshwenyehong ohle a rona.”—2 BAKOR. 1:3, 4.
DIPINA: 38, 56
1, 2. Jehova o re tshedisa jwang ha re na le mathata, hona Lentswe la hae le re tshepisang?
EDUARDO o ne a ntse a nahana ka lengolo la 1 Bakorinthe 7:28 le reng: “Ba kenang lenyalong ba tla ba le matshwenyeho nameng.” Seo se ile sa mo tshwenya haholo hoo a ileng a bua le Moraborona Stephen ya nang le lelapa ebile e le moholo ka phuthehong. Eduardo o ile a mo botsa a re: “‘Matswenyeho’ ao ho buuwang ka ona temaneng ee ke afe, hona nka sebetsana le ona jwang haeba nka nyala?” Pele Stephen a araba potso eo, o ile a re Eduardo a hlokomele seo moapostola Pauluse a ileng a se ngola ha a re Jehova “ke Modimo wa matshediso ohle, ya re tshedisang matshwenyehong ohle a rona.”
2 Jehova ke Ntate ya lerato, ebile o a re tshedisa ha re tobana le mathata. Mohlomong o ile wa hlahelwa ke diteko tseo Modimo a ile a o thusa hore o di hlole, a sebedisa Lentswe la hae e leng Bibele. Re kgodisehile hore o re batlela dintho tse
3. Re ka ipotsa dipotso dife?
3 Re ka kgona ho sebetsana le matshwenyeho a rona haeba re lemoha hore a bakwa keng. Na mohlomong a bakwa ke mathata a lenyalo? Ke dintho dife tse ding tse ka re tlisetsang ‘matshwenyeho nameng’ jwalokaha Pauluse a boletse? Ke mehlala efe e ka Bibeleng le ya mehleng ena e ka re thusang ho fumana matshediso ao re a hlokang? Ho e tseba ho ka re thusa hore re mamelle.
DITEKO TSEO E LENG “MATSHWENYEHO NAMENG”
4, 5. Ke dintho dife tse ka bakelang banyalani “matshwenyeho nameng”?
4 Ha Modimo a qeta ho bopa banyalani ba pele o ile a re: “Monna o tla siya ntatae le mmae a kgomarele mosadi wa hae mme e tla ba nama e le nngwe.” (Gen. 2:24) Leha ho le jwalo, ho nyala le ho qala lelapa le letjha ha ho bonolo hobane ha re a phethahala. (Bar. 3:23) Ho ya ka Lentswe la Modimo, ka mora hore mosadi a nyalwe, o lokela ho mamela ditaelo tsa monna wa hae ho e na le tsa batswadi ba hae. Modimo o file monna boikarabelo ba hore e be hlooho ya mosadi wa hae. (1 Bakor. 11:3) Leha ho le jwalo, batho ba sa tswa nyalana ba bona ho se bonolo ho etsa dintho tsena. Ka dinako tse ding ba ka nna ba qabana le batswadi ba bona, ebe seo se ba tlisetsa matshwenyeho.
5 Ho ka nna ha hlaha matshwenyeho a mang ha mosadi a bolella molekane wa hae hore ba tlo ba le ngwana. Hangata banyalani ba sitwa ho thaba ka ho feletseng kaha ba a tshoha hore mohlomong mme a ka nna a kula ha a ntse a imme le hore na ngwana o tla hola hantle. Ba boetse ba a hlokomela hore ba tlo hloka tjhelete e eketsehileng ha mme a ntse a imme le ha ngwana a se a le teng. Ho ekeletsa moo, ho ba le diphetoho tse ngata ha ngwana a se a le teng. Mme ya sa tswa ba le ngwana a ka qeta nako e ngata a hlokometse ngwana wa hae. Hangata seo se etsa hore banna ba bangata ba bone eka basadi ba bona ha ba sa na nako ya bona. Ka lehlakoreng le leng, boikarabelo ba ntate ya sa tswa ba le ngwana bo a eketseha kaha jwale ho se ho na le motho e mong eo a lokelang ho mo fepa.
6-8. Motho a ka ba le matshwenyeho jwang ha a sa kgone ho ba le bana?
6 Banyalani ba bang ba tobana le matshwenyeho a fapaneng. Ba batla ho ba le bana empa ha ba ba fumane. Ha mosadi a batla ngwana empa a sa kgone ho ima, seo se ka mo tetebetsa maikutlo. Ho nyalwa kapa ho ba le bana ha ho bolele hore motho o tla phela ha monate, leha ho le jwalo ha motho a sa kgone ho ba le bana empa a ba batla, a ka ba le “matshwenyeho nameng.” (Liprov. 13:12) Mehleng ya ha ho ne ho ngolwa Bibele, ho se be le bana e ne e le ntho e mpe ka ho fetisisa. Ke kahoo mosadi wa Jakobo e leng Ragele a neng a utlwa bohloko haholo ha a bona ausi wa hae a ntse a ba le bana. (Gen. 30:1, 2) Batho ba dulang dinaheng tseo batho ba teng ba tlwaetseng ho ba le malapa a maholo, hangata ba botsa baromuwa ba sebeletsang moo hore na ke hobaneng ha ba se na bana. Leha baromuwa ba ka ba fa mabaka a utlwahalang, qetellong ba re: “Phephi hleng! Re tla le rapella.”
7 Nahana ka moradiwabo rona ya dulang England ya neng a batla ho ba le ngwana ka pelo ya hae yohle. O ile a utlwa bohloko haholo ha a kgaotsa ho ya matsatsing, kaha o ile a hlokomela hore ha ho sa tla kgoneha hore a be le ngwana mehleng ena. Yena le molekane wa hae ba ile ba etsa qeto ya ho adopta ngwana. Leha
ho le jwalo, o re: “Ke ile ka sarelwa ka nako e telele. Ke ne ke tseba hore ho adopta ngwana ho ne ho ke ke ha tshwana le ho hodisa ngwana eo e leng wa rona.”8 Ha Bibele e bua ka mosadi wa Mokreste e re: “O tla sireletswa ka ho tswala bana.” (1 Tim. 2:15) Empa sena ha se bolele hore ho ba le bana ho tla etsa hore motho a fumane bophelo bo sa feleng. Ho e na le hoo, se bolela hore ha mosadi a hlokometse bana, a boetse a phathahane ka mesebetsi ya ntlo ya hae, a ke ke a ba le nako ya ho kenakenana le ditaba tsa batho ba bang le ho seba. (1 Tim. 5:13) Leha ho le jwalo, a ka nna a tobana le mathata a amanang le lenyalo hammoho le a lelapa.
9. Ke hobaneng ha ho shwelwa ke molekane e le teko e bohloko ka ho fetisisa?
9 E nngwe ya diteko tse bohloko ka ho fetisisa tseo motho a ka tobanang le tsona ke ho shwelwa ke molekane. Ho ka etsahala hore molekane ya ntseng a phela o ne a sa lebella hore a ka tobana le teko eo mehleng ena ya ho qetela. Leha ho le jwalo, Bakreste ba na le tshepo ya hore ho tla ba le tsoho. (Joh. 5:28, 29) Tshepo eo e ka tshedisa molekane ya ntseng a phela. Ebile ke tsela e nngwe eo Ntate wa rona ya lerato a sebedisang Lentswe la hae ka yona ho re tshedisa ha re hlahelwa ke diteko. Ha re hlahlobeng hore na bahlanka ba Modimo ba ile ba rua molemo jwang ha Jehova a ba tshedisa.
RE A TSHEDISWA HA RE HLAHELWA KE DITEKO
10. Anna o ile a thuswa keng bothateng boo a neng a e na le bona? (Sheba setshwantsho se qalong.)
10 Nahana ka teko eo mosadi wa Elkana e leng Anna a ileng a tobana le yona. Penina, e leng mosadi e mong wa monna wa hae, o ne a ena le bana empa Anna yena o ne a sa kgone ho ba le bona. (Bala 1 Samuele 1:4-7.) Penina o ne a dula a tshwenya Anna “selemo le selemo” mme seo se ne se utlwisa Anna bohloko haholo. O ile “a rapela halelele ka pela Jehova,” a mo kopa hore a mo thuse. Na o ne a lebeletse hore Jehova a arabe thapelo ya hae? Ho bonahala jwalo, kaha “sefahleho sa hae ha sea ka sa hlola se tshwenyeha.” (1 Sam. 1:12, 17, 18) O ne a kgodisehile hore Jehova o tla mo fa ngwana kapa a kgotsofatse takatso eo ya hae ka tsela e itseng.
11. Thapelo e ka re thusa jwang?
11 Ho tla dula ho e na le diteko le matshwenyeho ha feela re ntse re sa phethahala re bile re le lefatsheng lena le laolwang ke Satane. (1 Joh. 5:19) Ho a thabisa ho tseba hore Jehova ke “Modimo wa matshediso ohle.” Ntho e nngwe e ka re thusang ha re tobana le mathata le matshwenyeho ke thapelo. Anna o ile a tshollela pelo ya hae ho Jehova. Ka ho tshwanang, ha re le matshwenyehong, re lokela ho etsa se fetang ho bolella Jehova maikutlo a rona feela. Ho e na le hoo, re lokela ho mo kopa ka tiyo, re mo phetlele sefuba ka ho bua le yena ho tswa pelong.—Bafil. 4:6, 7.
12. Mohlolohadi Anna o ile a thuswa keng hore a thabe?
12 Re ka fumana matshediso haeba re jewa ke bodutu ka lebaka la ho se be le bana kapa ho shwelwa ke motho eo re mo ratang. Mehleng ya Jesu, moprofeta Anna o ile a shwelwa ke molekane wa hae kamora hore ba qete dilemo tse supileng feela ba nyalane. Ha ho na moo Bibele e bontshang hore o ile a ba le bana. Kahoo Anna o ne a ntse a etsang ha a le dilemo di 84? Luka 2:37 e re: “Le ka mohla o ne a sa hlokwe tempeleng, a etsa tshebeletso e halalelang bosiu le motshehare ka ho itima dijo le dithapedi.” Ho sebeletsa Jehova ho ile ha mo thabisa ha ba ha etsa hore a tshedisehe.
13. Fana ka mohlala o bontshang hore na metswalle ya nnete e ka tshedisa motho jwang ha ba leloko la hae ba hloleha ho etsa jwalo.
13 Re ka fumana metswalle ya sebele haeba re tlwaelane le bara le baradi babo rona. (Liprov. 18:24) Paula o hopola kamoo a ileng a utlwa bohloko kateng ha a ne a le dilemo di 5 mme a bona mme wa hae a kgaotsa ho sebeletsa Jehova. Ho hlola teko eo ho ne ho se bonolo. Empa o ile a kgothala haholo ha moradiwabo rona wa pulamadiboho ya bitswang Ann a ne a mo hlokomela a bile a mo thusa hore a ntlafatse kamano ya hae le Modimo. Paula o re: “Le hoja Ann e ne e se wa leloko, lerato leo a ileng a mpotsha lona le ile la nthusa hore ke tswele pele ke sebeletsa Jehova.” Paula o ntse a tswela pele a sebeletsa Jehova ka botshepehi, hape o thabela ho sebetsa hammoho le mme wa hae ka phuthehong. Ntho ena e boetse e thabisa Ann kaha o ile a kgona ho thusa Paula.
14. Batho ba tshedisang ba bang ba tla fumana ditlhohonolofatso dife?
14 Ha re bontsha batho ba bang hore re a ba kgathalla, seo se ka re thusa hore re kgaotse ho nahana ka dintho tse nyahamisang. Baradibabo rona ba masoha le ba nyetsweng ba a tseba hore ho bolela ditaba tse molemo ho a thabisa kaha ba sebetsa mmoho le Modimo. Morero wa Bafil. 2:4) Moapostola Pauluse o ile a re behela mohlala o motle tabeng ena. O ile a ba jwaloka “mme ya anyesang” ho ba neng ba le phuthehong ya Thesalonika, o ne a boetse a le jwaloka ntate ya ba thusang hore ba be le kamano e ntle le Modimo.—Bala 1 Bathesalonika 2:7, 11, 12.
bona ke ho etsa thato ya Modimo, ebile ba bang ba re ho ya tshimong ho ba thoba maikutlo. Kaofela ha rona re kenya letsoho ho etsa hore phutheho e momahane ha re bontsha batho ba tshimong le ba ka phuthehong hore re a ba kgathalla. (MALAPA A KA TSHEDISEHA
15. Ke bomang ba lokelang ho phetha boikarabelo ba ho ruta bana Bibele?
15 Ka phuthehong ho na le malapa a hlokang thuso le matshediso. Ka nako e nngwe bahweletsi bao e seng kgale ba kopanela le phutheho, ba ka kopa ba hodileng tsebong hore ba balle bana ba bona Bibele. Mangolo a re batswadi ke bona ba lokelang ho ruta bana ba bona. (Liprov. 23:22; Baef. 6:1-4) Empa ka dinako tse ding batswadi ba ka hloka thuso ho ba bang. Leha ho le jwalo, seo ha se bolele hore batswadi ba lokela ho hlokomoloha boikarabelo ba bona. Ke ha bohlokwa hore ba dule ba qoqa le bana ba bona.
16. Ha mohweletsi a ntse a thusa bana ba motswadi e mong, keng seo a lokelang ho se hopola?
16 Haeba motswadi a kopa mohweletsi e mong hore a rute ngwana wa hae Bibele, mohweletsi eo ha a lokela ho nka boikarabelo ba motswadi wa ngwana eo. Ka nako e nngwe ho ka etsahala hore batswadi bao e seng Dipaki, ba kope mohweletsi hore a rute bana ba bona Bibele. Mohweletsi o lokela ho ela hloko hore ha a ruta bana bao, seo ha se bolele hore e se e le motswadi wa bona. Ha mohweletsi a ntse a ba ruta, o lokela etsa seo a le habo bona, ebile batswadi ba bona ba le teng kapa Paki e nngwe e hodileng tsebong, mohlomong ba bile ba le sebakeng se ka ntle moo ho fetang batho. Ha ho le jwalo, ha ho na motho ya tla ba le dipelaelo mabapi le se etsahalang. Hape mohweletsi o tla dula a na le tshepo ya hore ha nako e ntse e ya, batswadi ba tla nka boikarabelo ba ho ruta bana ba bona Bibele.
17. Bana ba ka tshedisa ba malapa a bona jwang?
17 Batjha ba ithutang ho rata Modimo wa nnete le ho latela tataiso ya hae, ba ka tshedisa ba bang ka lapeng. Ba ka etsa seo ka ho hlompha batswadi le ho ba thusa ka dintho tseo ba di hlokang. Hape ba ka ba thusa hore ba be le kamano e ntle le Modimo. Pele ho Morwallo, setloholo sa Setha se bitswang Lameke se ne se rapela Jehova. Ha Lameke a bua ka mora wa hae Noe o ile a re: “O tla re tlisetsa matshediso mosebetsing wa rona le bohlokong ba matsoho a rona bo bakwang ke lefatshe leo Jehova a le rohakileng.” Boprofeta boo bo ile ba phethahala ha Modimo a ne a re a ke ke a hlola a rohaka lefatshe. (Gen. 5:29; 8:21) Bana ba hahamallang borapedi ba nnete ba ka fana ka matshediso ho ba malapa a bona ka ho ba thusa hore ba mamelle diteko le hore ba phonyohe ntho e nngwe e kgolo ho feta Morwallo.
18. Re ka thuswa keng hore re mamelle diteko tseo re tobanang le tsona ka sebete?
18 Thapelo, ho nahanisisa ka mehlala e ka Bibeleng le ho momahana le batho ba Jehova ho thusitse batho ba bangata hore ba tshedisehe ha ba tobana le diteko. (Bala Pesaleme ya 145:18, 19.) Ha re tseba hore Jehova ke yena Mohlodi wa matshediso a ka ho sa feleng, seo se tla re thusa hore re mamelle ka sebete diteko leha e le dife tseo re kopanang le tsona hona jwale le nakong e tlang.