Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

A3

Bibele e Fihlile Joang ho Rona

Mongoli oa Bibele ke eena ea ileng a e sireletsa. Ke eena ea entseng hore ho ngoloe mantsoe ana:

“Lentsoe la Molimo oa rona le tšoarella ka ho sa feleng.”Esaia 40:8.

Mantsoe ana ke ’nete, le hoja meqolo ea Bibele e ngotsoeng ka letsoho ea Mangolo a Seheberu le a Searame a kapa ea Mangolo a Segerike a Bakreste e le sieo kajeno. Kahoo, re ka kholiseha joang hore litaba tse ka Bibeleng kajeno ke tse neng li le ka meqolong e ngotsoeng ka letsoho?

BAKOPITSI BA SIRELETSA LENTSOE LA MOLIMO

Kajeno re na le Mangolo a Seheberu hobane Molimo o ile a laela batho hore ba etse likopi tsa ’ona. b Ka mohlala, Jehova o ile a laela marena a Iseraele hore a iketsetse kopi ea Molao. (Deuteronoma 17:18) Hape Molimo o ne a laetse Balevi hore ba sireletse Molao le hore ba o rute batho. (Deuteronoma 31:26; Nehemia 8:7) Ka mor’a hore Bajuda ba isoe botlamuoeng Babilona, ho ile ha e-ba le sehlopha sa bakopitsi kapa bangoli (Basoferime). (Esdrase 7:6, linaletsana) Ha nako e ntse e ea, bangoli bao ba ile ba etsa likopi tse ngata tsa libuka tse 39 tsa Mangolo a Seheberu.

Ka lilemo tse makholo, bangoli ba ile ba kopitsa libuka tsena ka hloko. Pakeng tsa lilemo tsa bo-500 ho ea ho tsa bo-1500, sehlopha sa bangoli ba Bajuda se bitsoang Bamasorete, se ile sa tsoela pele ka mosebetsi oo oa ho kopitsa. Moqolo o ngotsoeng ka letsoho oa khale ka ho fetisisa oa Masorete ke Leningrad Codex, o ngotsoe ho tloha ka selemo sa 1008/1009 ka mor’a mehla ea Jesu. Ka bo-1950 ho ile ha fumanoa meqolo ea Bibele e ngotsoeng ka letsoho kapa likaroloana tsa eona tse ka bang 220 har’a Meqolo ea Leoatle le Shoeleng. Meqolo eo e ngotsoeng ka letsoho, e bile teng lilemo tse fetang tse 1 000 pele ho Leningrad Codex. Ha ho bapisoa Meqolo ea Leoatle le Shoeleng le Leningrad Codex, re hlokometse ntlha ena ea bohlokoa: Leha Meqolo ea Leoatle le Shoeleng e sebelisitse mantsoe a fapaneng, seo ha sea fetola molaetsa oa Bibele.

Ho ile ha etsahala’ng ka libuka tse 27 tsa Mangolo a Segerike a Bakreste? Libuka tseo li ile tsa ngoloa ke baapostola ba bang ba Jesu Kreste le barutuoa ba bang ba hae. Bakreste ba mehleng ea pele ba ile ba etsisa bangoli ba Bajuda ka hore le bona ba etse likopi tsa libuka tseo. (Bakolose 4:16) Le hoja Morena Diocletian oa Moroma le ba bang ba ile ba leka ho felisa lingoloa tsohle tsa Bakreste ba mehleng ea pele, ho ntse ho e-na le likaroloana tse ngata tsa lingoloa tseo le meqolo e ngotsoeng ka letsoho tse ntseng li le teng le kajeno.

Lingoloa tsa Bakreste li ile tsa boela tsa fetoleloa ka lipuo tse ling. Tse ling tsa lipuo tsa mehleng ea khale tseo Bibele e ileng ea fetoleloa ka tsona e ne e le Searmenia, Sekopti, Seethiopia, Segeorgia, Selatine le Sesiria.

HO SEBELISITSOE MEQOLO EFE EA SEHEBERU LE SEGERIKE HA HO FETOLELOA BIBELE EE?

Meqolo e meng ea Bibele e ileng ea kopitsoa ka letsoho ha ea sebelisa mantsoe a tšoanang hantle le a sebelisitsoeng ho e meng. Joale re tla tseba joang hore na hantle-ntle meqolo ea pele-pele e ne e re’ng?

Taba ena re ka e tšoantša le ha tichere e re barutoana ba 100 ba kopitse khaolo ea buka e itseng. Le haeba hamorao khaolo eo ba neng ba kopitsa ho eona e ka lahleha, ho bapisa likopi tse 100 tsa barutoana bao ho tla bontša hore na ha e le hantle ho ne ho ngotsoe’ng khaolong eo e lahlehileng. Barutoana bao ba ka ’na ba etsa liphoso ha ba ntse ba kopitsa empa ho ke ke ha etsahala hore kaofela ha bona ba etse liphoso tse tšoanang. Ka tsela e tšoanang, ha baithuti ba bapisa likaroloana tsa lingoloa tsa Bakreste tse ngata le likopi tsa Bibele tsa mehleng ea khale tseo ba nang le tsona, ba khona ho bona liphoso tsa bakopitsi le hore na hantle-ntle ho ne ho ngotsoe’ng meqolong ea pele-pele.

“Re kholisehile hore ha ho na buka ea mehleng ea khale e fetoletsoeng ka tsela e nepahetseng joaloka ena”

Re tseba joang hore litaba tse neng li le meqolong ea Bibele ea pele-pele e ngotsoeng ka letsoho li fetoletsoe hantle? Ha moithuti e mong ea bitsoang William H. Green a bua ka Mangolo a Seheberu, o ile a re: “Re kholisehile hore ha ho na buka ea mehleng ea khale e fetoletsoeng ka tsela e nepahetseng joaloka ena.” Ha moithuti oa Bibele ea bitsoang F. F. Bruce a bua ka Mangolo a Segerike a Bakreste kapa a bitsoang Testamente e Ncha, o ile a ngola a re: “Ho na le bopaki bo bongata bo tšehetsang lintho tse ngotsoeng Testamenteng ea rona e Ncha ho feta bopaki bo teng ba libuka tse ngata tsa bangoli ba mehleng ea khale ebile ha ho na motho ea belaelang hore Testamente ena e nepahetse.” O ile a boela a re: “Haeba Testamente e Ncha e ne e le buka e ’ngoe feela, ho ne ho ke ke ha e-ba le motho ea belaelang hore e nepahetse.”

Khaolo ea 40 ea buka ea Esaia e Meqolong ea Leoatle le Shoeleng (ea selemo sa 125 ho ea fihla selemong sa 100 pele ho mehla ea Jesu)

Ha e bapisoa le meqolo e ngotsoeng ka letsoho ea Seheberu, e ngotsoeng lilemo tse sekete tse fetileng, ho ile ha fumanoa liphoso tse sa reng letho ’me bongata ba tsona e le tsa mopeleto

Khaolo ea 40 ea buka ea Esaia e ho Aleppo Codex, e leng moqolo oa bohlokoa o ngotsoeng ka letsoho oa Seheberu oa Bamasorete, o ngotsoeng ka selemo sa bo-930 ka mor’a mehla ea Jesu

Mangolo a Seheberu: Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Seheberu (1953-1960) e fetoletsoe ho tsoa ho Biblia Hebraica ea Rudolf Kittel. Ho tloha ka nako eo, haesale Mangolo a Seheberu e leng a Biblia Hebraica Stuttgartensia le Biblia Hebraica Quinta, a ntse a ntlafatsoa ho latela lipatlisiso tse entsoeng Meqolong ea Leoatle le Shoeleng le meqolong ea mehleng ea khale e ngotsoeng ka letsoho. Libuka tseo li sebelisitse Leningrad Codex ’me li ne li kenya le linaletsana moo ho neng ho e-na le mantsoe a sa tšoaneng le a meqolong e meng e joaloka Libuka Tse Hlano Tsa Pele tsa Bibele tsa Sesamaria, Meqolo ea Leoatle le Shoeleng, Septuagint ea Segerike, Liphetolelo Tsa Searame, Vulgate ea Selatine le Peshitta ea Sesiria. Ha ho ne ho ntlafatsoa Phetolelo ea Lefatše le Lecha ho ile ha sebelisoa Biblia Hebraica Stuttgartensia le Biblia Hebraica Quinta.

Mangolo a Segerike: Ka lilemo tsa bo-1853 ho ea ho 1881, ha baithuti ba Bibele e leng B. F. Westcott le F.J.A. Hort ba ne ba ngola libuka tsa Segerike, ba ile ba bapisa meqolo e ngotsoeng ka letsoho le likaroloana tsa Bibele tseo ba neng ba nka hore li bontša hantle se neng se ngotsoe meqolong ea pele-pele. Hoo e ka bang ka bo-1950, Komiti ea Phetolelo ea Bibele ea Lefatše le Lecha e ile ea sebelisa libuka tseo tsa Segerike ha ho ne ho fetoleloa Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea pele ea Senyesemane. Ho ile ha boela ha sebelisoa le meqolo e meng ea khale ea loli, eo ho nkoang hore ke ea ho tloha ka selemo sa 125 ho ea ho sa 300 ka mor’a mehla ea Jesu. Ho tloha ka nako eo, ho se ho e-na le meqolo e mengata ea loli. Ho ekelletsa moo, libuka tse ling tsa Segerike tsa Nestle le Aland le tsa United Bible Societies li na le lipatlisiso tsa morao-rao tsa baithuti. Ha ho ne ho ntlafatsoa Bibele ena ho sebelisitsoe lipatlisiso tse ling tse fumanoeng libukeng tseo.

Libuka tseo tsa Segerike li bontša hore litemana tse ling tsa Mangolo a Segerike a Bakreste tse Libibeleng tsa mehleng ea khale joaloka King James Version, li ne li ikenyelitsoe ke bakopitsi ba ileng ba tla hamorao ebile li ne li le sieo meqolong e ngotsoeng ke bakopitsi ba pele ba Bibele. Leha ho joalo, ka bo-1550 Bibele e ne e se e arotsoe ka litemana. Kahoo, ha litemana tseo tse neng li ikenyelitsoe li ntšoa, li ile tsa sala li se na mantsoe. Litemana tseo ke Matheu 17:21; 18:11; 23:14; Mareka 7:16; 9:44, 46; 11:26; 15:28; Luka 17:36; 23:17; Johanne 5:4; Liketso 8:37; 15:34; 24:7; 28:29 le Baroma 16:24. Bibeleng ena e ntlafalitsoeng, litemana tsena tse setseng li se na mantsoe li tšoauoe ka naletsana.

Ho na le bopaki bo bontšang hore sephetho se selelele se ho Mareka 16 (temana ea 9 ho ea ho 20) le sephetho se sekhutšoane se ho Mareka 16 le mantsoe a mang a ho Johanne 7:53–8:11, a ne a le sieo meqolong e ngotsoeng ka letsoho ea pele-pele. Kahoo, litemana tsena tse neng li le sieo meqolong ea pele-pele ha lia kenngoa Bibeleng ena. c

Litemaneng tse ling ho kentsoe mantsoe a itseng ao baithuti ba Bibele ba lumelang hore a ne a le teng meqolong ea pele-pele. Ka mohlala, meqolong e meng e ngotsoeng ka letsoho, Matheu 7:13 e re: “Kenang ka keiti e nyenyane hobane keiti e isang timelong e kholo le tsela e lebisang teng e sephara.” Bibeleng ea Phetolelo ea Lefatše le Lecha e hatisitsoeng pele ho ena, lentsoe la bobeli e leng “keiti” le hlahang temaneng ena le ne le le sieo. Leha ho le joalo, lipatlisiso tse ileng tsa ’na tsa etsoa meqolong e ngotsoeng ka letsoho, li bontšitse hore lentsoe lena le ne le le teng meqolong ea pele-pele. Kahoo, le kentsoe Bibeleng ena. Ho na le litemana tse ling tse ntlafalitsoeng joaloka ena. Empa liphetoho tseo li nyenyane ebile ha li fetole molaetsa oa Lentsoe la Molimo.

Moqolo o ngotsoeng ka letsoho oa loli oa 2 Bakorinthe 4:13–5:4, oo e ka ’nang eaba o ngotsoe ka selemo sa bo-200 ka mor’a mehla ea Jesu

a Ho tloha mona ho ea pele re tla a bitsa Mangolo a Seheberu.

b Lebaka le leng le neng le etsa hore ho kopitsoe meqolo e ngotsoeng ka letsoho ke hore e ne e ngoletsoe linthong tse senyehang.

c Ha u batla ho tseba hore na ke hobane’ng ha ho nkoa hore litemana tsena ha se tsa ’nete, u ka bala Bibele ea New World Translation of the Holy Scriptures—With References, e hatisitsoeng ka 1984.