Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO EA 2

U ka Lula U E-na le Letsoalo le Molemo Joang?

U ka Lula U E-na le Letsoalo le Molemo Joang?

“E-bang le letsoalo le molemo.”—1 PETROSE 3:16.

1, 2. Ke hobane’ng ha sesupa-tsela e le sesebelisoa sa bohlokoa, hona se ka tšoantšoa le letsoalo joang?

MOSESISI oa sekepe o sesisa sekepe sa hae har’a maqhubu a leoatle le leholo; motho ea tsamaeang ka maoto o haola lefeelleng; mofofisi oa sefofane o fofisa sefofane sa hae ho phunyeletsa har’a maru a sabaletseng lefaufaung. Na ua tseba hore na batho baa kaofela ba tšoana ka eng? E mong le e mong oa bona a ka ’na a ba bothateng bo boholo haeba a se na sesupa-tsela—haholo-holo haeba a ke ke a fumana lisebelisoa tse ling tsa morao-rao.

2 Sesupa-tsela ke sesebelisoa se sa rarahanang, hangata se na le moo ho hlongoang nale e supang leboea ea makenete. Ha se sebetsa hantle, haholo-holo haeba se sebelisoa le ’mapa o nepahetseng, se ka pholosa bophelo ba motho. Ka litsela tse ling, se ka tšoantšoa le mpho ea bohlokoa eo Jehova a re fileng eona—e leng letsoalo. (Jakobo 1:17) Ha re ne re se na letsoalo, re ne re sa tl’o ba le se re tataisang. Ha le sebelisoa ka tsela e nepahetseng, le ka re thusa hore re fumane tsela e nepahetseng bophelong le hore re lule ho eona. Kahoo, a re ke re hlahlobeng hore na letsoalo ke eng le hore na le sebetsa joang. Ka mor’a moo re ka tšohla lintlha tsena: (1) Kamoo letsoalo le ka koetlisoang kateng, (2) lebaka leo ka lona re lokelang ho nahanela matsoalo a ba bang le (3) kamoo letsoalo le molemo le re tsoelang khomo kateng.

LETSOALO KE ENG HONA LE SEBETSA JOANG?

3. Moelelo oa lentsoe la Segerike le sebelisetsoang “letsoalo” ke ofe, ’me le bua ka bokhoni bofe bo khethehileng boo motho a nang le bona?

3 Ka Bibeleng, moelelo oa lentsoe la Segerike le sebelisetsoang “letsoalo” ke “ho itseba.” Ho fapana le libōpuoa tse ling tsa lefatše, Molimo o re file bokhoni ba ho itseba. Ka puo ea tšoantšetso, re ka ema eaba rea icheba ’me ra itlhahloba hore na re itšoere hantle. Matsoalo a rōna a ka re ahlola ka ho sekaseka liketso tsa rōna, maikutlo a rōna le liqeto tsa rōna. A ka re tataisetsa qetong e ntle kapa a re lemosa ka e mpe. Ka mor’a moo, a ka re khothatsa ha re entse qeto e ntle kapa a re tšetšetha ha re entse qeto e mpe.

4, 5. (a) Re tseba joang hore ka bobeli Adama le Eva, ba ne ba e-na le letsoalo, ’me ke sefe se ileng sa etsahala hobane ba ile ba hlokomoloha molao oa Molimo? (b) Ke mehlala efe e bontšang hore matsoalo a banna ba tšepahalang ba mehleng ea pele ho Bokreste a ne a sebetsa?

4 Monna le mosali ba ile ba bōpelloa le bokhoni bona ho tloha qalong. Adama le Eva ba ile ba bontša hore e mong le e mong oa bona o ne a e-na le letsoalo. Bopaki ba sena re bo bona ka lihlong tseo ba ileng ba e-ba le tsona ka mor’a ho etsa sebe. (Genese 3:7, 8) Ka masoabi, ho tšoenngoa ke letsoalo ho ne ho ke ke ha ba tsoela molemo ka nako eo. Ba ne ba hlokomolohile molao oa Molimo ka boomo. Kahoo, ba ile ba ikhethela ka boomo ho ba bafetoheli, e leng ho ba bahanyetsi ba Jehova Molimo. Kaha e ne e le batho ba phethahetseng, ba ne ba tseba seo ba se etsang, ’me ba ne ba ke ke ba fetola maikutlo.

5 Ho fapana le Adama le Eva, batho ba bangata ba sa phethahalang ba ile ba mamela matsoalo a bona. Ka mohlala, monna ea tšepahalang Jobo o ne a ka re: “Ke tšoere toka ea ka, ’me nke ke ka e tlohela; pelo ea ka e ke ke ea ’nyelisa ka matsatsi leha e le afe a ka.” * (Jobo 27:6) Ka sebele letsoalo la Jobo le ne le sebetsa. O ne a le hlokolosi hore a mamele letsoalo la hae, a le lumella hore le laole liketso tsa hae le liqeto tsa hae. Kahoo, ka ho khotsofala ho hoholo o ne a ka re letsoalo la hae le ne le sa mo tšoenye ebile le ne le sa etse hore a ikutloe a le lihlong kapa a le molato. Hlokomela phapang pakeng tsa Jobo le Davida. Ha Davida a ne a hlompholla Saule, morena eo Jehova a neng a mo tlotsitse, ‘ka mor’a moo pelo ea Davida e ile ea ’na ea mo tšetšetha.’ (1 Samuele 24:5) Ho tšetšethoa ke letsoalo joalo, ka sebele ho ile ha tsoela Davida molemo, ha mo ruta hore ka mor’a moo a qobe ho hloka tlhompho ho joalo.

6. Ke eng e bontšang hore letsoalo ke mpho e filoeng batho bohle?

6 Na mpho ee ea letsoalo e filoe bahlanka ba Jehova feela? Nahana ka mantsoe a bululetsoeng a moapostola Pauluse a reng: “Neng kapa neng ha batho ba lichaba ba se nang molao ba etsa ka tlhaho lintho tsa molao, batho bana, le hoja ba se na molao, ke molao ka bobona. Ke bona ba bontšang hore boitsebiso ba molao bo ngotsoe ka lipelong tsa bona, ha matsoalo a bona a ntse a ba pakela ’me, menahanong ea bona, ba ntse ba qosoa kapa ba bile ba emeloa.” (Baroma 2:14, 15) Esita le batho bao ho hang ba sa tsebeng melao ea Jehova, ka linako tse ling ba ka susumetsoa ke matsoalo a bona hore ba etse lintho tumellanong le melao-motheo ea Molimo.

7. Ke hobane’ng ha matsoalo a rōna a ka fosa ka linako tse ling?

7 Leha ho le joalo, ka linako tse ling letsoalo le ka fosa. Hobane’ng? Hobane haeba sesupa-tsela se ka behoa haufi le ntho e entsoeng ka tšepe, seo se ka ’na sa etsa hore se supe hosele ho e-na le ho supa leboea. Hape, haeba se sa sebelisoe le ’mapa o nepahetseng, sesupa-tsela se ka ’na sa se ke sa e-ba le thuso. Ka tsela e tšoanang, haeba matsoalo a rōna a susumetsoa haholo ke litakatso tsa boithati tsa lipelo tsa rōna, a ka ’na a re isa hosele. Haeba re sa tataisoe ke Lentsoe la Molimo le sa foseng, re ka sitoa ho khetha pakeng tsa se nepahetseng le se fosahetseng litabeng tse ngata tsa bohlokoa. Ka sebele, e le hore matsoalo a rōna a sebetse hantle, re hloka ho tataisoa ke moea o halalelang oa Jehova. Pauluse o ile a ngola a re: “Letsoalo la ka lea mpakela ka moea o halalelang.” (Baroma 9:1) Kahoo, re ka tiisa joang hore matsoalo a rōna a lumellana le moea o halalelang oa Jehova? Re ka etsa sena ka ho a koetlisa.

RE KA KOETLISA MATSOALO A RŌNA JOANG?

8.(a) Ebe pelo e ka ama letsoalo joang, ’me re lokela ho nahana haholo ka eng ha re etsa liqeto? (b) Ke hobane’ng ha ka linako tse ling Mokreste a sa lokela ho etsa qeto ka letsoalo le hloekileng feela? (Bona mongolo o botlaaseng ba leqephe.)

8 Letsoalo le ka u thusa ho etsa qeto joang? Ho bonahala eka batho ba bang ba mamela maikutlo a bona feela ebe ba etsa qeto ea hore na ba tla etsa’ng. Ka mor’a moo ba ka ’na ba re, “Letsoalo la ka ha le ntšoenye.” Litakatso tsa pelo li ka ba matla hoo li ka faposang le letsoalo. Bibele e re: “Pelo e bolotsana ho feta ntho leha e le efe ’me e tsitlella seo e se batlang. Ke mang ea ka e tsebang?” (Jeremia 17:9) Kahoo, ntho ea bohlokoa eo re lokelang ho nahana ka eona hase litakatso tsa lipelo tsa rōna. Ho e-na le hoo, re lokela ho nahana pele ka hore na ke eng e tla khahlisa Jehova Molimo. *

9. Tšabo ea bomolimo ke eng, ’me ho ba le eona ho ka ama matsoalo a rōna joang?

9 Haeba qeto e thehiloe e le kannete matsoalong a rōna a koetlisitsoeng, e tla bonahatsa tšabo ea rōna ea bomolimo, eseng litakatso tsa rōna. Nahana ka mohlala ona o tšoanelehang. ’Musisi Nehemia ea tšepahalang o ne a e-na le tokelo ea hore a batle tefo e itseng le makhetho ho batho ba Jerusalema. Empa ha aa ka a etsa joalo. Hobane’ng? O ne a sa batle ho ipeha kotsing ea ho halefisa Jehova ka ho hatella batho ba Molimo. O ile a re: “Ha kea ka ka etsa ka tsela eo ka lebaka la ho tšaba Molimo.” (Nehemia 5:15) Ho hlokahala tšabo ea bomolimo e etsoang ka botšepehi, e leng tšabo e tlohang botebong ba pelo ea hore re se ke ra halefisa Ntate oa rōna ea leholimong. Tšabo eo e nang le tlhompho e tla re susumelletsa hore re batle tataiso ea Lentsoe la Molimo ha ho e-na le liqeto tseo re lokelang ho li etsa.

10, 11. Ke melao-motheo efe ea Bibele e sebetsang tabeng ea ho noa joala, ’me Molimo a ka re tataisa joang ha re e sebelisa?

10 Ka mohlala, nahana ka taba ea joala. Ba bangata ba rōna ba tobana le ho etsa qeto ena ha ba le meketeng ea boithabiso: Na ke tla noa kapa che? Taba ea pele, ho na le seo re lokelang ho ithuta sona. Ebe ke melao-motheo efe ea Bibele e sebetsang tabeng ee? Ha e le hantle, Bibele ha e nyatse ha motho a noa joala ka tekano. E rorisa Jehova ka mpho ea veine. (Pesaleme ea 104:14, 15) Leha ho le joalo, Bibele e nyatsa ho itlopa joala le meketjana e lerata ea ho noa. (Luka 21:34; Baroma 13:13) Ho feta moo, e thathamisa botahoa le libe tse khōlō, tse kang bohlola le bofebe. *1 Bakorinthe 6:9, 10.

11 Melao-motheo ena e ruta letsoalo la Mokreste ebile e etsa hore le sebetse. Kahoo, ha re tobane le qeto ea hore na re tla noa moketeng oa boithabiso, re ipotsa lipotso tse kang tsena: ‘Ho hlophisoa moketjana oa mofuta ofe? Na ho ka etsahala hore o tsoe taolong, ebe o ba lerata? Ebe ke tloaetse ho etsa eng? Na ke nyoreloa joala, na boa ntaela, na ke bo noella hore bo laole boitšoaro ba ka le tsela eo ke ikutloang ka eona? Na ke tseba ho itaola hore ke se ke ka noa haholo?’ Ha re ntse re nahana ka melao-motheo ea Bibele le lipotso tseo e li phahamisang, re lokela ho rapela Jehova hore a re tataise. (Pesaleme ea 139:23, 24) Ka tsela ena, re kōpa Jehova hore a re tataise ka moea oa hae o halalelang. Re boetse re koetlisa matsoalo a rōna hore a lumellane le melao-motheo ea Molimo. Leha ho le joalo, ho na le ntlha e ’ngoe eo re lokelang ho e nahana ka hloko ha re etsa liqeto.

KE HOBANE’NG HA RE LOKELA HO NAHANELA MATSOALO A BA BANG?

Letsoalo le koetlisitsoeng ka Bibele le ka u thusa ho etsa qeto ea hore na u tla noa joala kapa che

12, 13. Mabaka a mang a etsang hore matsoalo a Bakreste a se ke a tšoana ke afe, ’me re lokela ho etsa’ng ka ho se tšoane hoo?

12 Ka linako tse ling u ka ’na ua makala kamoo matsoalo a Bakreste a sa tšoaneng kateng. Mokreste e mong o khopisoa ke tloaelo e itseng; e mong oa e thabela ebile ha a bone lebaka la ho e nyatsa. Ka mohlala, tabeng ea ho noa hammoho, motho e mong o thabela ho noa le metsoalle e seng mekae ha ba khatholohile nakong ea mantsiboea; e mong eena mokhoa ona oa mo tšoenya. Ke hobane’ng ha ho e-na le ho se tšoane ho joalo, ’me ho lokela ho ama liqeto tsa rōna joang?

13 Batho ha ba tšoane ka mabaka a mangata. Maemo ao ba hōletseng tlas’a ’ona a fapane haholo. Ka mohlala, ba bang ba seli haholo ka bofokoli boo ba loanneng le bona nakong e fetileng—mohlomong boo ba sa khoneng ho bo hlōla kamehla. (1 Marena 8:38, 39) Tabeng ea joala, mohlomong matsoalo a batho bana a tla ba etsa hore ba nahane ka hloko litabeng tse joalo. Ha u eteloa ke motho ea joalo, ka nepo letsoalo la hae le tla mo susumelletsa hore a hane ha u mo fa joala. Na u tla khopeha? Na u tla mo qophella hore a noe? Che. Ebang u tseba mabaka a hae kapa che—e leng mabaka ao a ka ’nang a rata hore a se ke a a bolela—lerato la bara ba motho le tla u susumelletsa hore u mo nahanele.

14, 15. Matsoalo a Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ha aa ka a tšoana tabeng efe, ’me Pauluse o ile a khothalletsa’ng?

14 Moapostola Pauluse o ile a bona hore hangata matsoalo a Bakreste a ne a sa tšoane haholo lekholong la pele la lilemo. Nakong eo, Bakreste ba bang ba ne ba tšoenngoa ke taba ea lijo tse itseng tse neng li hlabetsoe litšoantšo tse rapeloang. (1 Bakorinthe 10:25) Letsoalo la Pauluse le ne le sa hanyetse lijo tse joalo tseo qetellong li neng li rekisoa limmarakeng. Ho eena, litšoantšo tse rapeloang e ne e se letho; ebile ha ho mohla lijo tse entsoeng ke Jehova le tseo A fanang ka tsona e neng e tla ba tsa litšoantšo tse rapeloang. Leha ho le joalo, Pauluse o ne a utloisisa hore ba bang ha ba tšoane le eena tabeng ena. Mohlomong ba bang ba ne ba tetebetse borapeling ba litšoantšo pele e e-ba Bakreste. Ho bona, eng kapa eng e neng e kile ea amana le borapeli ba litšoantšo e ne e sa amohelehe. Pauluse o ile a rarolla taba ee joang?

15 Pauluse o itse: “Leha ho le joalo, rōna ba matla re tšoanela ho jara mefokolo ea ba seng matla, ’me re se ke ra ikhahlisa. Etsoe le eena Kreste ha aa ka a ikhahlisa.” (Baroma 15:1, 3) Pauluse o ile a beha lebaka la hore litlhoko tsa barab’abo rōna li lokela ho tla pele ho tsa rōna, feela joalokaha Kreste a ile a etsa joalo. Ha Pauluse a ne a bua ka taba e tšoanang, o ile a re ho hang a ka mpa a tlohela ho ja nama ho e-na le hore a khopise nku ea bohlokoa eo Kreste a e teletseng bophelo ba hae.—1 Bakorinthe 8:13; 10:23, 24, 31-33.

16. Ke hobane’ng ha batho bao matsoalo a bona a ba thibelang ho etsa lintho tse itseng ba lokela ho qoba ho ahlola bao matsoalo a bona a sa ba thibeleng?

16 Ka lehlakoreng le leng, batho bao matsoalo a bona a ba thibelang ho etsa lintho tse itseng ha baa lokela ho nyatsa ba bang, ba tsitlella hore batho bohle ba shebe litaba tse amang letsoalo joaloka bona. (Baroma 14:10) Ha e le hantle, matsoalo a rōna a lokela ho sebelisetsoa ho re ahlola eseng ho ahlola batho ba bang. Hopola mantsoe ana a Jesu: “Khaotsang ho ahlola e le hore le se ke la ahloloa.” (Matheu 7:1) Bohle ka phuthehong ba lokela ho qoba ho pheha khang ka litaba tse amang letsoalo. Ho e-na le hoo, re batla litsela tsa ho hōlisa lerato le bonngoe, re hahane re se ke ra heletsana.—Baroma 14:19.

LITLHOHONOLOFATSO TSA HO BA LE LETSOALO LE MOLEMO

Letsoalo le molemo le ka re tataisa bophelong, la etsa hore re thabe re be re khotsofale

17. Ho etsahetse’ng ka matsoalo a batho ba bangata kajeno?

17 Moapostola Petrose o ile a ngola a re: “E-bang le letsoalo le molemo.” (1 Petrose 3:16) Letsoalo le hloekileng mahlong a Jehova Molimo ke mpho e khōlō. Ha le tšoane le matsoalo a ba bangata haholo kajeno. Pauluse o ne a hlalosa ba ‘tšoailoeng matsoalong a bona joalokaha eka ke ka tšepe e chesang e tšoaeang.’ (1 Timothea 4:2) Tšepe e chesang e tšoaeang e chesa nama, e e siea e e-na le lebali ’me e etsa hore e be shohlo. Ha e le hantle, matsoalo a batho ba bangata a shoele—a chele ’me a shohlo ka tsela eo a seng a sa ba lemose, ebile ha a sa belaela, kapa hona ho ba tšetšetha ka ho ikutloa ba le lihlong kapa ba le molato ha ba entse phoso. Ho bonahala kajeno batho ba bangata ba re, “ka tla ka tsoa nk’hu,” ha ba se ba sa utloe ba e-na le letsoalo le molato.

18, 19. (a) Ho ikutloa u le molato kapa u le lihlong ho ka ba le molemo ofe? (b) Re ka etsa’ng haeba matsoalo a rōna a tsoela pele ho re hlokofatsa ka lebaka la libe tsa nakong e fetileng tseo re seng re li baketse?

18 Bonneteng, ho ikutloa molato e ka ba tsela eo ka eona letsoalo le re bolellang hore re entse phoso. Ha boikutlo bo joalo bo susumelletsa moetsalibe hore a bake, a ka tšoareloa le libe tse mpe ka ho fetisisa. Ka mohlala, Morena Davida o ile a ba molato oa phoso e khōlō haholo empa a tšoareloa haholo hobane o ile a baka e le kannete. Ho hloea ha hae tsela ea hae e fosahetseng le boikemisetso ba hae ba ho mamela melao ea Jehova ho tloha ka nako eo ho ile ha mo etsa hore a bone ka boeena hore Jehova o “molemo ’me [o] itokiselitse ho tšoarela.” (Pesaleme ea 51:1-19; 86:5) Leha ho le joalo, ho thoe’ng haeba boikutlo bo matla ba ho ikutloa molato le ho hlajoa ke lihlong bo sa tlohe le ka mor’a hore re bake re be re tšoareloe?

19 Ka linako tse ling letsoalo le ka nyatsa moetsalibe ho tlōla, la mo tšoenya ka mor’a nako e telele leha ho se ho sa hlokahale. Maemong ao, ho ka hlokahala hore re kholise pelo e re tsoang hore Jehova o moholo ho feta maikutlo ’ohle a batho. Re lokela ho lumela le ho amohela hore o na le lerato le hore oa tšoarela, feela joalokaha re khothalletsa ba bang hore ba etse joalo. (1 Johanne 3:19, 20) Ka lehlakoreng le leng, letsoalo le hloekisitsoeng le etsa hore re ikutloe re thabile, re e-na le khutso le thabo e tebileng, e leng lintho tse fumanoang seoelo lefatšeng lena. Batho ba bangata ba kileng ba etsa libe tse khōlō ba ’nile ba ikutloa ba imoloha haholo ’me kajeno ba khona ho ba le letsoalo le molemo ha ba sebeletsa Jehova Molimo.—1 Bakorinthe 6:11.

20, 21. (a) Buka ee e ngoletsoe ho u thusa ho etsa’ng? (b) Re le Bakreste, re thabela tokoloho efe, empa re lokela ho e sebelisa joang?

20 Buka ena e ngoletsoe ho u thusa hore u fumane thabo eo le hore u be le letsoalo le molemo matsatsing ana a ho qetela a likhathatso a tsamaiso ea lintho ea Satane. Ha e le hantle, e ke ke ea qaqisa melao eohle ea Bibele le melao-motheo eo u lokelang ho nahana ka eona le ho e sebelisa maemong a hlahang letsatsi le letsatsi. Ho feta moo, u se ke ua lebella hore e tla fana ka melao e bonolo le e totobetseng litabeng tse amang letsoalo. Morero oa buka ena, ke ho u thusa hore u koetlise letsoalo la hao u be u le tsose ka ho ithuta hore na u ka sebelisa Lentsoe la Molimo joang bophelong ba letsatsi le letsatsi. Ho fapana le Molao oa Moshe, “molao oa Kreste” o khothalletsa ba o khomaretseng hore ba phele haholo ka letsoalo le melao-motheo ho feta ho phela ka melao e ngotsoeng. (Bagalata 6:2) Kahoo, Jehova o fa Bakreste bolokolohi bo fetang bo tloaelehileng. Leha ho le joalo, Lentsoe la hae le re hopotsa hore le ka mohla re se ke ra sebelisa tokoloho eo e le “lesira le patang bobe.” (1 Petrose 2:16) Ho e-na le hoo, tokoloho ena e re fa monyetla o motle oa ho bontša hore re rata Jehova.

21 Ha u nahana ka botebo ka tsela e molemohali ea ho sebelisa melao-motheo ea Bibele ’me u phelela liqeto tseo u li entseng, u tla tsoela pele ka mohato oa bohlokoa o qalileng mohla u neng u qala ho tseba Jehova. ‘Matla a hao a ho lemoha’ a tla koetlisoa “ka tšebeliso.” (Baheberu 5:14) Letsoalo la hao le koetlisitsoeng ka Bibele le tla u tsoela molemo letsatsi le letsatsi bophelong ba hao. Joaloka sesupa-tsela se tataisang motsamai, letsoalo la hao le tla u thusa hore u etse liqeto tse khahlisang Ntate oa hao oa leholimo. Ena ke eona tsela ea ho ipoloka leratong la Molimo.

^ ser. 5 Ka Mangolong a Seheberu ha ho moo ho sebelisitsoeng lentsoe le reng “letsoalo.” Leha ho le joalo, letsoalo le bonahala ka ho hlaka mehlaleng e kang ena. Lentsoe “pelo” ka kakaretso le bolela seo motho a leng sona ka hare. Mehlaleng e kang oa Jobo, le bolela ka ho hlaka karolo e itseng ka ho khetheha ea seo a leng sona ka hare—e leng letsoalo la hae. Ka Mangolong a Segerike a Bakreste, lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “letsoalo” le hlaha ka makhetlo a 30.

^ ser. 8 Bibele e bontša hore hase kamehla ho lekaneng ho ba le letsoalo le hloekileng feela. Ka mohlala, Pauluse o ile a re: “Ha ke ele ntho leha e le efe hloko khahlanong le ’na. Empa leha ho le joalo ka sena ha ke pakoe hore ke lokile, empa ea ntlhahlobang ke Jehova.” (1 Bakorinthe 4:4) Esita le ba hlorisang Bakreste, joalokaha Pauluse a ne a kile a ba hlorisa, ba ka etsa joalo ka letsoalo le hloekileng hobane ba nahana hore Molimo o lumellana le seo ba se etsang. Ke habohlokoa hore matsoalo a rōna a hloeke ho rōna a be a hloeke le mahlong a Molimo.—Liketso 23:1; 2 Timothea 1:3.

^ ser. 10 Re lokela ho hlokomela hore lingaka tse ngata li bolela hore makhoba a tahi a ke ke a khona ho laola tsela eo a noang ka eona, mokhoa feela oa hore a “lekanyetse” ke hore a se ke a noa.