Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO EA LESHOME LE MOTSO O MONG

O Ile a Shebella ’me a Leta

O Ile a Shebella ’me a Leta

1, 2. Elia o ne a tobane le mosebetsi ofe o sa thabiseng, hona o ne a fapane ka litsela life le Akabe?

ELIA o ne a labalabela ho rapela Ntate oa hae ea leholimong boinotšing. Matšoele a pota-potileng moprofeta enoa oa ’nete a ne a sa tsoa mo bona a etsa hore mollo o theohe leholimong ’me ha ho pelaelo hore batho ba bangata ba ne ba batla ho ithatisa eena. Pele Elia a nyolohela Thabeng ea Karmele e phahameng hore a rapele Jehova Molimo boinotšing, o ne a lokela ho etsa mosebetsi o sa thabiseng. O ne a lokela ho bua le Morena Akabe.

2 Banna bao ba babeli ba ne ba sa tšoane ho hang. Akabe ea neng a apere seaparo se setle sa borena, e ne e le mokoenehi ea meharo, ea neng a huloa ka nko. Elia o ne a apere seaparo sa moprofeta—se itekanetseng, seo e ka ’nang eaba se ne se entsoe ka letlalo la phoofolo kapa ka boea bo ohliloeng ba kamele kapa ba pōli. E ne e le motho ea sebete haholo, ea tšepahalang le ea nang le tumelo. Ha letsatsi leo le e-ea malikelong ho ne ho se ho totobetse hore na banna bao ke batho ba mofuta ofe.

3, 4. (a) Ke hobane’ng ha e ile ea e-ba letsatsi le bosula ho Akabe le ho barapeli ba bang ba Baale? (b) Ke lipotso life tse tla tšohloa?

3 Letsatsing leo, lintho ha lia ka tsa tsamaela Akabe le barapeli ba bang ba Baale hantle. Bolumeli ba bohetene boo Akabe le mosali oa hae, Mofumahali Jezebele, ba neng ba bo ntšelitse pele ’musong oa Iseraele oa meloko e leshome bo ne bo talotsoe. Ho ne ho pepesitsoe hore Baale ke moritaoke. Molimo eo ea sa pheleng o ne a hlōlehile ho hotetsa mollo o pala ha baprofeta ba hae ba ntse ba itlatlarietsa, ba hobela ba bile ba itlhabaka. Baale o ne a hlōlehile ho sireletsa banna bao ba 450 ba neng ba tšoaneloa ke ho bolaoa. Empa ho na le ntho e ’ngoe eo molimo eo oa bohata a neng a hlōlehile ho e etsa ’me ho ne ho tla tloha ho totobala hore o hlōlehile ka ho feletseng. Ka lilemo tse fetang tse tharo, baprofeta ba Baale ba ne ba ntse ba ipiletsa ho molimo oa bona hore a felise komello e neng e oetse naha, empa Baale o ne a hlōlehile ho e felisa. Haufinyane, Jehova o ne a tla bontša hore ke Molimo oa ’nete ka ho felisa komello eo.—1 Mar. 16:30–17:1; 18:1-40.

4 Leha ho le joalo, Jehova o ne a tla nka khato neng? Elia o ne a tla etsa’ng ho fihlela ka nako eo? Hona re ka ithuta thuto efe ho monna eo ea tšepahalang? A re ke re bone hore na re ka ithuta eng ha re hlahloba tlaleho ena.—Bala 1 Marena 18:41-46.

O Ile a Tšoarella Thapelong

5. Elia o ile a bolella Akabe hore a etse’ng, hona na ho bonahala eka ho na le ntho eo Akabe a ileng a ithuta eona liketsahalong tsa letsatsi leo?

5 Elia o ile a tla ho Akabe ’me a re: “Nyoloha, u je ’me u noe; etsoe ho na le molumo oa pula ea litloebelele.” Na ho na le seo morena eo ea khopo a neng a ithutile sona liketsahalong tsa letsatsi leo? Tlaleho ha e bolele, empa ha ho bonahale eka Akabe o ile a bontša pako kapa a kōpa moprofeta hore a mo thuse ho rapela Jehova ’me a kōpe tšoarelo. Ha e le hantle, Akabe o ile “a nyoloha ho ea ja le ho noa.” (1 Mar. 18:41, 42) Elia eena o ile a etsa’ng?

6, 7. Elia o ile a rapella eng, hona hobane’ng?

6 “Ha e le Elia, a nyolohela tlhōrōng ea Karmele ’me a qala ho kokomala a kentse sefahleho sa hae pakeng tsa mangole.” Ha Akabe a il’o ja, Elia o ile a fumana monyetla oa ho rapela Ntate oa hae ea leholimong. Elia o ne a iname hoo hlooho ea hae e neng e le haufi le mangole—e leng se bontšang boikokobetso. Elia o ne a rapella eng? Ha ho hlokahale hore re ingoaee hlooho. Ho Jakobo 5:18, Bibele e re Elia o ile a rapella hore komello e fele. Ho bonahala a ile a rapela a le tlhōrōng ea thaba ea Karmele.

Lithapelo tsa Elia li ile tsa bontša hore o ne a labalabela hore ho etsoe thato ea Molimo

7 Pele ho moo, Jehova o ile a re: “Ke entse qeto ea ho fana ka pula holim’a lefatše.” (1 Mar. 18:1) Kahoo Elia o ne a rapella hore Jehova a phethe thato ea hae, joalokaha Jesu a ile a ruta balateli ba hae hore ba rapelle hore thato ea Ntate oa hae e etsoe, lilemo tse ka bang sekete ka morao ho moo.—Mat. 6:9, 10.

8. Mohlala oa Elia o re ruta’ng ka thapelo?

8 Re ithuta ho hongata ka thapelo mohlaleng oa Elia. Ntho e ka sehloohong eo Elia a neng a nahanne ka eona ke hore thato ea Molimo e phethehe. Ha re rapela, re lokela ho hopola hore “ho sa tsotellehe hore na ke eng eo re e kōpang ho ea ka thato ea [Molimo], oa re utloa.” (1 Joh. 5:14) Kahoo, ho hlakile hore re lokela ho tseba thato ea Molimo e le hore a ka re utloa ha re rapela—e leng lebaka le utloahalang la hore re khothalle ho ithuta Bibele letsatsi le letsatsi. Ha ho pelaelo hore Elia o ne a boetse a batla hore komello e fele ka lebaka la ho sotleha ha batho ba habo. E tlameha ebe o ile a leboha haholo ha a qeta ho bona mohlolo oo Jehova a neng a o entse letsatsing leo. Le rōna ha re rapela re lokela ho leboha ho tsoa botebong ba pelo ’me re bontše hore re amehile ka litlhoko tsa batho ba bang.—Bala 2 Bakorinthe 1:11; Bafilipi 4:6.

O ne a Kholisehile a Bile a Falimehile

9. Elia o ile a laela mohlokomeli oa hae hore a etse’ng hona ho tla tšohloa litšobotsi life tse peli?

9 Elia o ne a kholisehile hore Jehova o tla felisa komello, empa o ne a sa tiiseha hore na Jehova o tla e felisa neng. Kahoo, moprofeta eo o ne a ntse a etsa’ng ho fihlela nakong eo? Hlokomela hore na tlaleho e re’ng: “A re ho mohlanka oa hae: ‘Ka kōpo, nyoloha. U talime ka nģa ea leoatle.’ Kahoo a nyoloha ’me a talima eaba o re: ‘Ha ho letho ho hang.’ A tsoela pele ho re, ‘Khutlela teng,’ ka makhetlo a supileng.” (1 Mar. 18:43) Re ithuta lintho tse peli mohlaleng oa Elia. Ea pele, moprofeta enoa o ne a kholisehile hore Jehova o tla nka khato. Ea bobeli, o ne a falimehile.

Elia o ile a batla pontšo ea hore Jehova o tla tloha a nesa pula

10, 11. (a) Elia o ile a bontša joang hore o ne a kholisehile hore Jehova o tla phethahatsa tšepiso ea hae? (b) Ke hobane’ng ha re ka kholiseha joaloka Elia?

10 Kaha Elia o ne a kholisehile hore Jehova o tla phethahatsa tšepiso ea hae, o ile a batla pontšo ea hore Jehova o tla tloha a nesa pula. Eaba o romela mohlanka oa hae hore a nyolohele holimo ’me a lekole hore na ho na le matšoao a hore pula e tla tloha e na na. Ha mohlanka oa hae a khutla, o ile a re ka monyebe: “Ha ho letho ho hang.” Le ne le sele le bohoeng ba ntja. Empa, na u hlokometse ntho e sa tloaelehang? Hopola hore Elia o ne a sa tsoa re ho Morena Akabe: “Ho na le molumo oa pula ea litloebelele.” Ke hobane’ng ha moprofeta eo a ne a ka bua joalo empa ho ne ho se na maru a pula?

11 Elia o ne a tseba ka tšepiso ea Jehova. Kaha e ne e le moprofeta le moemeli oa Jehova, o ne a kholisehile hore Molimo oa hae o tla phelela lentsoe la Hae. Elia o ne a se na khoao—hoo e neng eka o se a ntse a utloa pula e na. Mohlomong re tla hopola seo Bibele e ileng ea se bua ha e hlalosa Moshe, e re: “O ile a tsoela pele a tiile joalokaha eka o bona Ea sa bonahaleng.” Na Molimo ke oa sebele ho uena ka tsela eo? Molimo o re fa mabaka a mangata a hore re be le tumelo e joalo ho eena le litšepisong tsa hae.—Baheb. 11:1, 27.

12. Elia o ile a bontša joang hore o falimehile hona o ile a etsa’ng ha a utloa litaba tsa hore ho na le leru le lenyenyane?

12 Joale, hlokomela kamoo Elia a neng a falimehile kateng. Ha aa ka a re mohlanka oa hae a khutlele morao ka lekhetlo le le leng kapa a mabeli, empa ka makhetlo a supileng! Re ka inahanela hore na mohlanka eo o ne a khathetse hakaakang ke ho ea holimo le tlaase, empa Elia o ne a chesehela ho bona pontšo ’me ha aa ka a nyahama. Qetellong, ka mor’a hore mohlanka eo a khutlele lekhetlo la bosupa, o ile a re: “Bona! Ho na le leru le lenyenyane le joaloka seatla sa motho le nyolohang leoatleng.” Na u ka bona ka mahlo a kelello hore na mohlanka eo o ile a lekanya joang ka seatla sa hae boholo ba leru le lenyenyane le hlahang ka nģa ea Leoatle le Leholo? E ka ’na eaba mohlanka o ne a bona eka leru leo le ne le ke ke la etsa letho. Empa ho Elia leru leo e ne e le la bohlokoa. Eaba o laela mohlanka oa hae hore a potlake, a re: “Nyoloha, u re ho Akabe, ‘Qhaneha! U theohe e le hore pula ea litloebelele e se ke ea u thibella ho tsamaea!’”—1 Mar. 18:44.

13, 14. (a) Re ka etsisa Elia ka ho lula re falimehile joang? (b) Re na le mabaka afe a hore re phahamele mapoqo?

13 Elia o ile a boela a re behela mohlala o babatsehang. Le rōna re phela nakong eo ka eona Molimo a tla tloha a phethahatsa morero oa hae. Elia o ne a letetse hore komello e fele; bahlanka ba Molimo ba kajeno ba letetse ho fela ha tsamaiso ea lintho ea lefatše lena le senyehileng. (1 Joh. 2:17) Re lokela ho lula re falimehile joaloka Elia ho fihlela Jehova Molimo a nka khato. Ha Mora oa Molimo, Jesu a eletsa balateli ba hae, o ile a re: “Ka hona, le lule le lebetse, hobane ha le tsebe hore na Morena oa lōna o tla ka letsatsi lefe.” (Mat. 24:42) Na Jesu o ne a bolela hore balateli ba hae ba ne ba ke ke ba tseba hore ba phela mehleng ea bofelo? Ha ho joalo, hobane o ile a bolela lintho tse ngata tse neng li tla etsahala lefatšeng pele bofelo bo fihla. Kaofela ha rōna re ka khona ho lemoha pontšo ena e qaqileng ea “qetello ea tsamaiso ea lintho.”—Bala Matheu 24:3-7.

Leru le le leng le lenyenyane le hlahang le ne le lekane ho kholisa Elia hore Jehova o ne a tla tloha a nesa pula. Pontšo ea hore re phela matsatsing a ho qetela e re susumelletsa ho phahamela mapoqo

14 Karolo e ’ngoe le e ’ngoe ea pontšo eo ke bopaki bo matla le bo kholisang. Na bopaki boo bo lekane ho re susumelletsa hore re phahamele mapoqo ha re sebeletsa Jehova? Leru le le leng le lenyenyane le ileng la hlaha le ne le lekane ho kholisa Elia hore Jehova o ne a tla tloha a nesa pula. Na moprofeta eo ea tšepahalang o ile a soetseha?

Jehova o Tlisa Topollo le Mahlohonolo

15, 16. Ke eng se ileng sa etsahala ka potlako, hona e ka ’na eaba Elia o ne a nahana hore Akabe o tla etsa’ng?

15 Tlaleho e re: “Khabareng maholimo a fifatsoa ke maru le moea ’me ha qala ho na pula e ngata ea litloebelele. Akabe a ’na a palama ’me a ea Jezriele.” (1 Mar. 18:45) Lintho li ile tsa etsahala ka potlako. Ha mohlanka oa Elia a ntse a bolella Akabe molaetsa oa moprofeta, leru leo le lenyenyane le ile la fetoha maru a mangata ’me leholimo la fifala. Ha foka moea o matla. Qetellong, ka mor’a lilemo tse tharo le halofo, pula e ile ea na naheng ea Iseraele. Naha eo e ommeng e ile ea monya marotholi a pula. Ha pula eo e na ka matla, nōka ea Kishone e ile ea e-ja litlhokoa, ntle ho pelaelo ea hlatsoa mali a baprofeta ba Baale ba bolailoeng. Baiseraele ba marabele le bona ba ile ba fuoa monyetla oa hore ba hloekise naha tšusumetsong e mpe ea borapeli ba Baale.

“Ha qala ho na pula e ngata ea litloebelele”

16 Ka sebele, Elia o ne a tšepile hore ho tla ba joalo! Mohlomong o ile a ipotsa hore na Akabe o ne a tla etsa’ng ha a bona liketsahalo tseo. Na Akabe o ne a tla baka ebe o furalla borapeli ba Baale bo litšila? Lintho tse neng li etsahetse letsatsing leo li ne li fane ka mabaka a utloahalang a hore a etse liphetoho tse joalo. Ke ’nete hore ha re tsebe seo Akabe a neng a se nahana ka nako eo. Tlaleho e re bolella feela hore morena o ile “a ’na a palama ’me a ea Jezriele.” Na ho na le seo a neng a ithutile sona? Na o ne a ikemiselitse ho fetoha? Se ileng sa etsahala hamorao se bontša hore ha hoa ka ha e-ba joalo. Leha ho le joalo, Akabe le Elia ba ne ba sa ntse ba tla bona lintho tse khōlō.

17, 18. (a) Ho ile ha etsahala’ng ka Elia tseleng e eang Jezriele? (b) Ke eng se hlollang ka taba ea hore Elia o ile a matha ho tloha Karmele ho ea Jezriele? (Sheba le mongolo o botlaaseng ba leqephe.)

17 Moprofeta oa Jehova o ile a qala ho tsamaea ka tsela eo Akabe a tsamaileng ka eona. O ne a tlil’o tsamaea leeto le lelelele, lefifing le puleng. Empa ho ile ha etsahala ntho e sa tloaelehang.

18 “Letsoho la Jehova la e-ba holim’a Elia, hoo a ileng a itlama letheka ’me a matha ka pel’a Akabe ho ea fihla Jezriele.” (1 Mar. 18:46) Ho hlakile hore “letsoho la Jehova” le ne le sebetsa ho Elia ka tsela ea mohlolo. Jezriele e ne e le bohōle ba lik’hilomithara tse 30 ’me Elia o ne a se a hōlile. * Nahana feela ha moprofeta eo a phahamisa liaparo tsa hae tse telele, a li tlama thekeng e le hore li se ke tsa mo sitisa, a ntan’o matha tseleng eo e tletseng metsi—a papaela hoo a ileng a fihla koloing ea morena, a e feta a ba a e siea!

19. (a) Mahlahahlaha le mokoka tseo Molimo a ileng a li fa Elia li re hopotsa boprofeta bofe? (b) Ha Elia a ntse a mathela Jezriele, ke ntho efe eo a neng a kholisehile ka eona?

19 Ha ho pelaelo hore Elia o ile a ikutloa a hlohonolofalitsoe haholo. E tlameha ebe o ile a thaba ha a utloa a e-na le matla, mahlahahlaha le mokoka—tseo mohlomong a neng a e-s’o ka a e-ba le tsona le bocheng ba hae. Re ka ’na ra hopola boprofeta bo tiisang hore batho ba tšepahalang ba tla phela hantle ’me ba be mahlahahlaha lefatšeng le tlang la Paradeise. (Bala Esaia 35:6; Luka 23:43) Ha Elia a ntse a matha puleng, o ne a kholisehile hore o khahlisa Ntate oa hae, Molimo a le mong feela oa ’nete, Jehova.

20. Re ka fumana litlhohonolofatso tsa Jehova joang?

20 Jehova o labalabela ho re hlohonolofatsa. Litlhohonolofatso tsa hae ke tsa bohlokoa ho rōna, kahoo re lokela ho etsa sohle se matleng a rōna hore re li amohele. Joaloka Elia, ho hlokahala hore re falimehe, re sekaseke bopaki bo matla bo bontšang hore Jehova o tla tloha a nka khato mehleng ena e kotsi le e mahlonoko. Joaloka Elia, re na le mabaka a utloahalang a ho ba le tšepo e feletseng litšepisong tsa Jehova, “Molimo oa ’nete.”—Pes. 31:5.

^ ser. 18 Kapele ka mor’a moo, Jehova o ne a tla laela Elia hore a koetlise Elisha, ea neng a tla tsejoa e le “ea ileng a tšela metsi matsohong a Elia.” (2 Mar. 3:11) Elisha e ile ea e-ba mohlanka oa Elia, mohlomong a thusa monna-moholo ho phetha mabaka a itseng.