Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE KA NTLE

U ka Thaba Joang Bophelong

U ka Thaba Joang Bophelong

“Ke tla thaba ha nka nyaloa ’me ke e-ba le bana.”

“Ke tla thaba ha nka ba le ntlo.”

“Ke tla thaba ha nka fumana mosebetsi oo ke o batlang.”

“Ke tla thaba ha . . .”

NA U kile ua ikutloa ka tsela eo? Hona na u ile ua lula u thabile ka mor’a hore u fumane ntho eo u neng u e batla? Kapa na thabo ea hao e ile ea fokotseha? Ke ’nete hore ho fumana ntho eo u neng u ntse u e batla ho ka u thabisa, empa thabo e joalo kea nakoana. Thabo ea sebele ha ea itšetleha ka lintho tseo motho a li finyeletseng kapa tseo a nang le tsona. Ho e-na le hoo, feela joalokaha ho phela hantle ’meleng ho itšetlehile ka lintho tse fapaneng, ho joalo le ka ho fumana thabo ea sebele.

Batho ha ba tšoane. Ntho e thabisang motho e mong e ka ’na ea se ke ea thabisa e mong. Ho phaella moo, ha re ntse re hōla rea fetoha. Leha ho le joalo, ho na le lintho tse tla lula li tlisetsa batho thabo. Ka mohlala, thabo ea sebele e amahanngoa le ho khotsofala, ho qoba ho ba mohono, ho rata batho ba bang le ho ithuta ho mamella. A re ke re hlahlobeng hore na ke hobane’ng ha re ka cho joalo.

1. KHOTSOFALLA SEO U NANG LE SONA

Seithuti se seng se bohlale se ile sa re: ‘Chelete ke tšireletso.’ Empa se ile sa boela sa re: “Ea ratang silevera a ke ke a khotsofalla silevera, hape leha e le ofe ea ratang leruo a ke ke a khotsofalla chelete e kenang. Sena le sona ke lefeela.” (Moeklesia 5:10; 7:12) Se ne se bolela’ng? Le hoja re hloka chelete e le hore re phele, re lokela ho qoba ho ba meharo, kaha ha ho mohla re tla khotsofala! Mongoli oa mantsoe ao, e leng Morena Solomone oa mehleng ea Iseraele ea boholo-holo, o ile a inoesa ka nkho ho bona hore na maruo le bophelo bo mabotho-botho li ka tlisetsa motho thabo ea sebele na. O ile a re: “Ha kea ka ka hlokisa mahlo a ka ntho leha e le efe eo a neng a e batla. Ha kea ka ka hanela pelo ea ka ka thabo ea mofuta leha e le ofe.”—Moeklesia 1:13; 2:10.

Kaha Solomone o ne a ruile haholo, o ile a haha matlo a maholo, a etsa libaka tsa boikhathollo le matamo ’me a ba le bahlanka ba bangata. O ne a e-na le ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a e batlang. O ile a ithuta’ng? Lintho tsena li ile tsa mo thabisa, empa eseng ka nako e telele. O ile a re: “Ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ne e le lefeela . . . ho ne ho se letho le molemo.” O ile a ba a qetella a hloile bophelo! (Moeklesia 2:11, 17, 18) Ka sebele, Solomone o ile a ithuta hore ho ipokella lintho tse ngata ho ka etsa hore motho a ikutloe a sa thaba a bile a sa khotsofala. *

Na lithuto tsa mehleng ee li lumellana le keletso eo ea mehleng ea khale? Sehlooho se hatisitsoeng koranteng ea Journal of Happiness Studies se ile sa re, “ka mor’a hore motho a fumane lintho tseo a li hlokang, chelete ha e sa mo tlisetsa thabo.” Ha e le hantle, liphuputso li bontša hore batho ha ba thabe ha ba reka lintho tse ngata empa ba hlokomoloha lintho tsa bohlokoa bophelong.

SEO BIBELE E SE RUTANG: “Mokhoa oa lōna oa bophelo e ke e be o se nang lerato la chelete, ha le ntse le khotsofaletse lintho tse teng.”Baheberu 13:5.

2. QOBA HO BA MOHONO

Ho ba mohono ke “ho hloea kapa ho honohela motho e mong hobane a e-na le ntho e itseng eo u se nang eona ’me u lakatsa ho ba le eona.” Joaloka hlahala e hōlang, ho ba mohono ho ka laola bophelo ba hao ’me ha etsa hore u se ke ua thaba. Ho ba mohono ho ka hōla joang? Re ka bona joang hore re na le mokhoa ona? Hona re ka o hlōla joang?

Buka ea Encyclopedia of Social Psychology e re batho ba honohela batho ba tšoanang le bona, mohlomong ba lekanang le bona ka lilemo, ba nang le tsebo e tšoanang, kapa ba hōtseng ’moho le bona. Ka mohlala, rakhoebo a ke ke a honohela khalala ea lifilimi e tummeng. Empa a ka ’na a honohela rakhoebo e mong ea atlehileng ho mo feta.

Ka mohlala: Balaoli ba bang ba ’muso oa Persia ea boholo-holo ba ne ba sa honohele morena, empa ba ne ba honohela Daniele eo e neng e le mosebetsi-’moho le bona ea bohlale. Ho bontša hore ba ne ba sa thaba, ba ile ba loha mano a ho bolaea Daniele! Empa ba ile ba hlōleha. (Daniele 6:1-24) Buka ea encyclopedia eo ho builoeng ka eona pejana e re: “Ke habohlokoa ho hlokomela hore mohono o etsa hore u batle ho ntša motho e mong kotsi. Sena se bonahala liketsahalong tse mabifi tse ileng tsa hlohlelletsoa ke mohono, tse ileng tsa etsahala nakong e fetileng.” *

Mohono o chefo ’me o ka etsa hore motho a se ke a thabela bophelo

Re ka bona joang ha re le mohono? Ipotse: ‘Na kea thaba kapa kea koata ha lithaka tsa ka li atleha bophelong? Haeba ngoan’eso, seithuti-’moho le ’na se bohlale, kapa mosebetsi-’moho le ’na a hlōleha nthong e itseng, na ke mo utloela bohloko kapa kea thaba?’ Haeba u arabetse lipotso tsena ka “kea koata” le “kea thaba,” e ka ’na eaba u mohono. (Genese 26:12-14) Buka ea Encyclopedia of Social Psychology e re: “Ho ba mohono ho ka etsa hore motho a se ke a thabela lintho tse ntle bophelong ha ba ha etsa hore a se ke a ananela lintho tseo a nang le tsona. . . . Seo se ka etsa hore motho a se ke a thaba.”

Re ka hlōla ho ba mohono ka ho hlaolela boikokobetso le boinyenyefatso, e leng se ka re thusang hore re ananele litšobotsi tse ntle tsa batho ba bang le bokhoni ba bona. Bibele e re: “Le sa etse letho ka lebaka la ho rata likhang kapa ka lebaka la ho ipolelisa, empa ka ho ikokobetsa kelellong le nka hore ba bang ba le phahametse.”—Bafilipi 2:3.

SEO BIBELE E SE RUTANG: “A re se keng ra fetoha ba ipolelisang, ba hlohlelletsang tlhōlisano, ba honohelanang.”Bagalata 5:26.

3. RATA BATHO BA BANG

Buka ea Social Psychology e re: “Tsela eo batho ba ikutloang ka eona ka likamano tsa bona le batho ba haufi le bona ke ea bohlokoa ho feta mesebetsi ea bona, meputso ea bona, batho ba bang esita le bophelo ba bona ba ’mele.” Ka bokhutšoanyane feela, e le hore motho a thabe e le kannete, o hloka ho rata le ho ratoa ke batho ba bang. Bibele e re: “Haeba . . . ke se na lerato, ha ke letho.”—1 Bakorinthe 13:2.

Ha ho mohla re ka hlōlehang ho bontša lerato. Ka mohlala, Vanessa o ne a e-na le ntate ea neng a hlekefetsa lelapa a bile a tahoa. Ha a le lilemo li 14, o ile a baleha lapeng ’me a lula mahaeng a likhutsana a ba a lula lehaeng le leng le neng le sa sireletseha ’me ha a ntse a lula moo, o ile a kōpa thuso ho Molimo. Mohlomong thapelo ea hae e ile ea arajoa ha a ne a isoa lelapeng le leng le tataisoang ke mantsoe a Bibele a reng, “lerato lea tiisetsa ’me le mosa.” (1 Bakorinthe 13:4) Boemo ba lelapa leo hammoho le seo a neng a ithuta sona ka Bibeleng li ile tsa mo thusa hore a thobe maikutlo a hae le hore a tsitse kelellong. O ile a re: “Ke ile ka qala ho sebetsa hantle sekolong ’me ka qetella ke se ke pasa ka linaleli.”

Vanessa o ntse a lemetse maikutlong. Empa, hona joale ke ’mè oa lelapa ea thabileng ea nang le barali ba babeli.

SEO BIBELE E SE RUTANG: “Le ikapese lerato, etsoe ke tlamo e phethahetseng ea bonngoe.”Bakolose 3:14.

4. E-BA LE MAMELLO

Ha ho na motho ea se nang mathata bophelong. Bibele e re ho na le “nako ea ho lla” le “nako ea ho bokolla.” (Moeklesia 3:4) Mamello e re thusa ho sebetsana le mathata a joalo ka katleho. A re hlahlobeng mohlala oa Carol le oa Mildred.

Carol o na le lefu la mokokotlo, la tsoekere, la ho bipetsana ha motho a robetse le la ho koaleha thaka ea leihlo ebile le se le mo foufalitse leihlo le leng. Leha ho le joalo, o re: “Ke leka hore ke se ke ka lula ke nyahame. Ka linako tse ling ke ikutloela bohloko. Empa ke khaotsa ho ikutloela bohloko ’me ke leboha Molimo ka lintho tseo ke ntseng ke khona ho li etsa, haholo-holo molemong oa batho ba bang.”

Mildred le eena o na le mafu a mangata a akarelletsang ramatiki, kankere ea matsoele le lefu la tsoekere. Empa joaloka Carol, o leka hore a se ke a tšoenyeha haholo ka ’ona. O re: “Ke ithutile ho rata batho le ho tšelisa ba kulang ’me seo sea nthusa. Ha e le hantle, ke hlokometse hore ha ke ntse ke tšelisa batho ba bang, ha ke tšoenyehe haholo ka ’na.”

Carol le Mildred ba thabela ho khothatsa batho ba bang

Le hoja basali bana ka bobeli ba batla ho fumana mekhoa e metle ea phekolo, ha baa ameha ka mathata a bona, empa ba amehile haholo ka hore na ba bontša boikutlo bo joang le hore na ba sebelisa nako ea bona joang. Sena se etsa hore ba thabe e le kannete. Ho phaella moo, batho ba ba rata haholo ’me ba khothatsa batho ba bang ba nang le mathata a fapa-fapaneng.

SEO BIBELE E SE RUTANG: “Ho thaba motho ea ntseng a tsoela pele ho mamella teko, hobane ha e e-ba ea amohelehang o tla amohela moqhaka oa bophelo.”Jakobo 1:12.

Ha re sebelisa bohlale bo thehiloeng Bibeleng, bo tla ba joaloka, “sefate sa bophelo ho ba bo tšoarang, ’me ba lulang ba bo tšoere ka tieo ba tla bitsoa ba thabileng.” (Liproverbia 3:13-18) Re u khothalletsa hore u iphumanele ’nete ena ka ho sebelisa keletso e tsoang ka Bibeleng. Etsoe Mongoli oa buka ena e halalelang, eo hape e leng “Molimo ea thabileng,” o batla hore u thabe.—1 Timothea 1:11.

^ ser. 11 Tlaleho ena ea Solomone e fumanoa ho Moeklesia 2:1-11. U ka bala

^ ser. 17 Mohlala o ikhethang oa nakong e fetileng ke oa Jesu Kreste. Mareka 15:10 e re, ‘baprista ba ka sehloohong ba ile ba nehelana ka eena ka lebaka la mohono.’