Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PUISANO | ANTONIO DELLA GATTA

Lebaka Leo Moruti a Ileng a Nyahlatsa Kereke

Lebaka Leo Moruti a Ileng a Nyahlatsa Kereke

KA MOR’A hore Antonio Della Gatta a qete lilemo tse robong a ntse a ithuta Roma, o ile a khetheloa ho ba moruti ka 1969. Hamorao, e ile ea e-ba hlooho ea seminari e neng e le haufi le motse oa Naples, Italy. Ha a ntse a le moo, ka mor’a ho ithuta haholo le ho thuisa, o ile a etsa qeto ea hore bolumeli ba K’hatholike ha bo rute se ka Bibeleng. O ile a bolella Tsoha! ka boiteko ba hae ba ho batla Molimo.

Re bolelle tsela eo u hōlisitsoeng ka eona.

Ke hlahetse Italy ka 1943. Ke hōletse lelapeng la bana ba supileng motseng o monyenyane moo ntate oa ka e neng e le sehoai ebile e le ’metli oa mapolanka. Batsoali ba rōna ba ile ba re ruta ho ba Mak’hatholike a popota.

Ke hobane’ng ha u ne u batla ho ba moruti?

Ho tloha ke sa le moshanyana, ke ne ke rata ho mamela baruti ha ke le kerekeng. Ke ne ke khahloa ke mantsoe a bona hammoho le litšebeletso tsa kereke. Kahoo, ke ne ke batla ho ba moruti. Ha ke le lilemo li 13, ’mè oa ka o ile a nkisa sekolong se nang le bolulo se lokisetsang bashanyana hore nakong e tlang ba fumane thuto e tsoetseng pele ea boruti.

Na lithuto tsa lōna li ne li akarelletsa ho ithuta Bibele?

Eseng hakaalo. Ha ke le lilemo li 15, tichere e ’ngoe ea ka e ile ea mpha kopi ea Likosepele—e leng litlaleho tsa histori ea bophelo ba Jesu le tšebeletso ea hae—’me ke ile ka e bala ka makhetlo a mangata. Ha ke le lilemo li 18, ke ile ka ea univesithing ea babishopo Roma, e laoloang ke mopapa. Ke ile ka ithuta Selatine, Segerike, histori, filosofi, lithuto tsa kelello le tsa bolumeli. Le hoja re ne re pheta litemana tsa Bibele ka hlooho re bile re mamela ha e ntse e baloa ka kerekeng ka Sontaha, ha e le hantle re ne re sa ithute Bibele.

U ile ua ba hlooho ea seminari. Na seo se ne se akarelletsa ho ruta?

Mosebetsi oa ka o moholo e ne e le ho tsamaisa sekolo. Empa ke ne ke ruta melao ea Seboka sa Bobeli sa Vatican.

Ke hobane’ng ha u ile ua qala ho belaela kereke?

Ho ne ho e-na le lintho tse tharo tse neng li ntšoenya. Kereke e ne e keneletse lipolotiking. E ne e lumella boitšoaro bo bobe bo etsoang ke baruti le litho tsa kereke. Hape, lithuto tse ling tsa K’hatholike li ne li sa utloahale. Ka mohlala, ke joang Molimo ea lerato a neng a ka hlokofatsa batho ka ho sa feleng empa ba se ba shoele? Le hore, na ke ’nete hore Molimo o batla hore re phete lithapelo li le ling hangata ka rosari? *

U ile ua etsa’ng?

Ke ile ka kōpa tataiso ho Molimo ka thapelo, ke ntse ke lla. Ke ile ka boela ka reka Bibele ea K’hatholike ea Jerusalem Bible, e neng e sa tsoa lokolloa ka Setaliana, eaba ke qala ho e bala. Hoseng ho hong ka Sontaha ha ke ntse ke hlobola lipurapera tsa ka ka mor’a ’Misa, banna ba babeli ba ile ba fihla seminaring. Ba ile ba re ke Lipaki Tsa Jehova. Re ile ra qeta hora re ntse re bua ka Bibele le ka seo e se buang mabapi le matšoao a khethollang bolumeli ba ’nete.

U ile ua ikutloa joang ka baeti bao?

Ke ile ka khahloa ke tsela eo ba buang ka kholiseho ka eona le kamoo ba neng ba pheta litemana tse tsoang Bibeleng ea K’hatholike habonolo kateng. Hamorao, Paki e ’ngoe e bitsoang Mario, e ile ea qala ho nketela. O ne a e-na le mamello a bile a tšepahala—hoseng ho hong le ho hong ka Moqebelo ho bata kapa ho chesa, o ne a fihla seminaring ka hora ea borobong holim’a hlooho.

Baruti ba bang ba ne ba ikutloa joang ha u eteloa?

Ke ne ke ba mema hore ba tl’o mamela, empa ba ne ba sa thabele ho ithuta Bibele. Leha ho le joalo, ’na ke ne ke e thabela. Ke ne ke ithuta lintho tse hlollang, tse kang hore na ke hobane’ng ha Molimo a lumeletse mahlomola—e leng ntho e neng e nkukunela ka nako e telele.

Na baokameli ba hao ba ile ba leka ho u thibela ho ithuta Bibele?

Ka 1975, ke ile ka ea Roma ka makhetlo a mangata ke il’o hlalosa maikutlo a ka. Baokameli ba ka ba ne ba leka ho fetola maikutlo a ka, empa ba ne ba sa sebelise Bibele. Qetellong, ka la 9 January, 1976, ke ile ka ngola lengolo le eang Roma le hlalosang hore ha ke sa le Mok’hatholike. Matsatsi a mabeli ka mor’a moo, ke ile ka tloha seminaring eaba ke kena tereneng ho ea sebokeng sa ka sa pele sa Lipaki Tsa Jehova, seo ke ileng ka tseba ha ke fihla hore ke kopano ’me ho tlile liphutheho tse ’maloa. Lintho tseo ke ileng ka li bona moo, li ne li fapane hōle le seo ke neng ke se tloaetse. Paki e ’ngoe le e ’ngoe e ne e tšoere Bibele ’me e tsamaisana le libui ha li ntse li tšohla lihlooho tse fapaneng.

Ba lelapa leno ba ile ba ikutloa joang ka liphetoho tsee tsohle?

Boholo ba bona ba ile ba nkhanyetsa ka matla. Leha ho le joalo, ke ile ka utloa hore moen’aka e mong o ithuta le Lipaki tsa Lombardy, e leng sebaka se ka leboea ho Italy. Ke ile ka ea ho eena ’me Lipaki tsa sebakeng seo tsa nthusa ho fumana mosebetsi le moo nka lulang teng. Hamorao selemong seo ke ile ka kolobetsoa ’me ka ba e mong oa Lipaki Tsa Jehova.

Qetellong, ke ikutloa ke le haufi le Molimo

Na ua ikoahlaea?

Le hanyenyane! Qetellong, ke ikutloa ke le haufi le Molimo, hobane lintho tseo ke ithutileng tsona ka eena li thehiloe Bibeleng, eseng lifilosofing kapa litloaelong tsa kereke. Hape nka ruta batho ba bang ka kholiseho le ka botšepehi.

^ ser. 13 Bibele e fana ka likarabo tse hlakileng tsa lipotso tsena le tse ling. Sheba tlas’a LITHUTO TSA BIBELE > LIPOTSO TSA BIBELE LIA ARAJOA.