Pale Ea Bophelo
Lintho Tsohle Lia Khoneha ho Molimo
HA MOHATS’AKA Mairambubu a le ka beseng, o ile a utloa ’mè e mong a re: “Lefu le ke ke la hlola le e-ba teng, le bafu ba tla tsosoa.” Kaha Mairambubu o ne a batla ho utloa litaba tse eketsehileng, ha bese e ema ’me e theola baeti, o ile a mathela ’mè ea ileng a bua mantsoe ao. ’Mè eo e ne e le Paki ea Jehova ’me lebitso la hae e le Apun Mambetsadykova. Ka nako eo ho ne ho le kotsi ho bua le Lipaki Tsa Jehova empa lintho tseo ’mè Apun a ileng a re ruta tsona li ile tsa fetola bophelo ba rona.
RE SEBETSA HO TLOHA HOSENG HO FIHLELA MANTSIBOEA
Ke hlahile ka 1937, mapolasing a haufi le toropo ea Tokmok naheng ea Kyrgyzstan. Heso re Bakyrgyz ebile re bua Sekyrgyz. Batsoali ba ka ba ne ba sebetsa polasing ’me ba sebetsa ho tloha hoseng ho fihlela mantsiboea. Le hoja basebetsi ba polasing ba ne ba fuoa lijo, ba ne ba lefshoa ka chelete hang feela ka selemo. Kahoo ho ne ho le thata hore ’Mè a hlokomele ’na le khaitseli ea ka. Ha ke qeta sekolong sa mathomo, le ’na ke ile ka sebetsa mapolasing.
Kaha motseng oa heso batho ba bangata ba ne ba futsanehile, re ne re lokela ho sebetsa ka thata ho fumana mokhoa oa ho iphelisa. Ka nako eo, ke ne ke sa le mocha, kahoo ha se hangata ke neng ke ipotsa ka bokamoso le hore na ke phelela’ng. Ha ho mohla ke neng ke nahana hore ho ithuta ka Jehova Molimo le lintho tseo a tlang ho li etsa ho ka fetola bophelo ba ka. E re ke le bolelle pale e monate ea hore na ho tlile joang hore batho ba Kyrgyzstan ba ithute ka Jehova. Lipaki li qalile ho fihla motseng oa heso o ka leboea ho Kyrgyzstan.
BAPHAPHATHEHI BA RUTA BAKYRGYZ KA JEHOVA
Lipaki Tsa Jehova li qalile ho ba teng Kyrgyzstan lilemong tsa bo-1950. Kaha batho ba moo e ne e le Makomonisi, ho ne ho le thata ho ba ruta Bibele. Hobane’ng? Ka nako eo, naha ea Kyrgyzstan e ne e le tlas’a puso ea Union of Soviet Socialist Republics kapa USSR. Linaheng tsohle tse tlas’a USSR, Lipaki Tsa Jehova li ne li sa kenelle lipolotiking. (Joh. ) Kahoo, li ne li hlorisoa hobane ho thoe ke lira tsa naha ea Bokomonisi. Empa ho ne ho se letho le ka sitisang batho hore ba ithute ka Molimo. Ha e le hantle, e ’ngoe ea lintho tsa bohlokoa tseo ke ithutileng tsona bophelong ke hore “lintho tsohle lia khoneha ho Molimo.”— 18:36Mar. 10:27.
Lipaki Tsa Jehova li ile tsa ata naheng ea Kyrgyzstan hobane li ne li hlorisoa. Ho tlile joang hore li ate empa li ne li hlorisoa? Siberia ke e ’ngoe ea linaha tse neng li le tlas’a USSR ’me lira tsa ’muso li isoa naheng eo. Baphaphathehi ba ne ba atisa ho tla Kyrgyzstan ’me ba bang ba ithuta Bibele le batho. E mong oa bao e neng e le baphaphathehi ke Emil Yantzen ea hlahetseng Kyrgyzstan ka 1919. Emil o ile a isoa kampong eo ho eona ho neng ho etsoa mesebetsi e boima eaba o kopana le Lipaki Tsa Jehova moo. O ile a ithuta Bibele eaba o khutlela hae ka 1956. A il’o lula Sokuluk, e leng motse o haufi le haeso. Phutheho ea pele e bileng teng Kyrgyzstan e ne e le motseng oa Sokuluk ka 1958.
Selemo hamorao, mor’abo rona Victor Vinter o ile a fallela Sokuluk. Ka makhetlo a mabeli o ile a qeta lilemo tse tharo chankaneng hobane feela a sa kenelle lipolotiking. A boela a hoehla lilemo tse leshome chankaneng le tse hlano a le palehong. Leha ho le joalo, ho hlorisoa ha hoa ka ha sitisa hore borapeli ba ’nete bo ate.
LIPAKI LI BA TENG MOTSENG OA HESO
Ka 1963 ho ne ho e-na le Lipaki tse 160 naheng ea Kyrgyzstan ’me boholo ba tsona li ne li tsoa Jeremane, Ukraine le Russia. Har’a tsona e ne e le Eduard Varter eo e neng e le mophaphathehi. O kolobelitsoe Jeremane ka 1924. Lilemong tsa bo-1940, Manazi a ile a mo isa kampong eo batšoaruoa ba hlorisetsoang ho eona. Eaba lilemo hamorao Makomonisi a USSR a mo leleka ka har’a naha. Ka 1961 mor’abo rona Varter o ile a fallela motseng oa Kant o haufi le haeso.
E mong ea neng a lula Kant ke morali’abo rona Elizabeth Fot. O ne a iphelisa ka ho roka. Kaha o ne a le motle haholo ka mosebetsi oa hae, lingaka le matichere a ne a rokeloa ke eena. E mong oa batho bao a neng a ba rokela ke ’mè Aksamai Sultanalieva ea neng a nyetsoe ke ntate ea sebetsang ofising ea ’muso ea molao. Le hoja ’mè Aksamai a ne a tlile ho morali’abo rona Elizabeth hore a mo rokele, o ile a mo botsa lipotso tse kang, ‘Re phelela’ng? Bafu ba hokae?’ Morali’abo rona Elizabeth o ile a araba lipotso tsa hae ka ho bala Bibele. ’Mè Aksamai e ile ea e-ba mohoeletsi ea chesehang oa litaba tse molemo.
Ka nako eo, mor’abo rona Nikolai Chimpoesh ea tsoang Moldova o ile a khethoa hore e be molebeli oa potoloho ’me a phetha kabelo ea hae ka lilemo tse ka bang 30. Mor’abo rona Chimpoesh o ne a boetse a thusa ka ho hatisa lingoliloeng le ho li aba. Ba boholong ba ile ba hlokomela hore o etsa mosebetsi ona. Kahoo, mor’abo rona Eduard Varter o ile a eletsa mor’abo rona Chimpoesh a re: “Ha e mong oa ba boholong a u botsa, u mo bolelle feela hore lingoliloeng tsa rona li tsoa ntlo-kholo ea rona e Brooklyn. U bue u mo shebile mahlong. Ha oa lokela ho tšoha.”—Mat. 10:19.
Nakoana ka mor’a hore ba buisane joalo, mor’abo rona Chimpoesh o ile a bitsoa ke ba ntlo-kholo ea mokhatlo oa naha oa tšireletso o motseng oa Kant. Ha a hlalosa hore na ho ile ha etsahala’ng o re: “Moemeli oa mokhatlo oo o ile a mpotsa hore na lingoliloeng tsa rona li tsoa hokae. Eaba ke re li tsoa
Brooklyn. O ile a tsieleha. A ntlohela hore ke tsamaee eaba o qetetse ho mpitsa.” Ho bile le Lipaki tse ngata motseng oa heso tse ileng tsa e-ba sebete ’me tsa bolela litaba tse molemo. Lelapeng la ka, motho oa pele oa ho utloa litaba tse molemo ke mohats’aka e leng Mairambubu. E ne e le ka 1981.MOHATS’AKA O UTLOA LITABA TSE MONATE
Mairambubu o tsoa moo ho thoeng ke Naryn naheng ea Kyrgyzstan. O ile a etela ausi oa ka ka August 1974 eaba ke qala ho kopana le eena hona moo. O ile a nkhahla li sa tloha feela. Eaba re nyalana hona letsatsing leo.
Ka January 1981 ha Mairambubu a le ka beseng e eang toropong, o ile a utloa ’mè e mong a bua mantsoe ao re qalileng ka ’ona sehloohong sena. Kaha o ne a batla ho utloa litaba tse eketsehileng, o ile a kopa hore ’mè eo a mo bolelle lebitso la hae le hore na o lula hokae. ’Mè eo a re lebitso la hae ke Apun. O ne a le hlokolosi haholo hobane lilemong tsa bo-1980, mosebetsi oa Lipaki Tsa Jehova o ne o thibetsoe. Kahoo, ho e-na le hore a mo bolelle hore na o lula hokae, o ile a botsa Mairambubu hore na eena o lula hokae. Mairambubu o fihlile hae a thabile hona hoo.
Mairambubu o ile a re: “Ke utloile litaba tse monate. ’Mè e mong o itse haufinyane batho ba ke ke ba hlola ba e-shoa. Le liphoofolo tse hlaha li tla ba le khotso.” Ke ne ke utloa a bua tšomo. Eaba ke re ho eena: “A re emele mohla a tlang e le hore a tl’o hlalosa taba ena hantle.”
’Mè Apun o ile a re etela ka mor’a likhoeli tse tharo. Ka mor’a moo, batho ba bang ba Lipaki ba ile ba re etela ho akarelletsa le Lipaki tsa khale tsa Kyrgyzstan. Ba ile ba re ruta lintho tse ngata ka Jehova le hore na o rera ho etsetsa batho eng. Ba ile ba bala le rona buka ea Ho Tloha Paradeising e Lahlehileng Ho ea Paradeising e Fumanehileng Hape. * Kaha buka eo e ne e le ’ngoe feela toropong ea Tokmok, re ile ra ikopiletsa eona ka letsoho.
E ’ngoe ea lintho tsa pele tseo re ithutileng tsona ke boprofeta bo ho Genese 3:15. Boprofeta bona bo tla phethahatsoa ke Jesu e leng Morena oa Bomesia. Ke molaetsa oa bohlokoa oo batho ba lokelang ho o utloa. Ke kahoo kaofela ha rona re lokelang ho kenya letsoho ho o bolella batho. (Mat. 24:14) Ka mor’a nako re ntse re ithuta Bibele, re ile ra fetola bophelo ba rona.
LIBOKA TSA RONA LIA THIBELOA
Mor’abo rona e mong ea lulang Tokmok o ile a re
memela lenyalong. ’Na le mohats’aka re ile ra hlokomela hore Lipaki Tsa Jehova li etsa lintho ka tsela e fapaneng le ea batho ba bang. Ho ne ho se na leting lechatong leo ’me batho ba ne ba hlophisehile. Lechato leo le ne le fapane haholo le ao re kileng ra ea ho ’ona. Hangata batho ba atisa ho tahoa, ba tsoe taolong ’me ba bue lipuo tse hlohlontšang litsebe.Re ile ra boela ra ea libokeng phuthehong e ’ngoe Tokmok. Liboka tsa teng li ne li tšoareloa ka morung haeba maemo a leholimo a lumela. Kaha barab’abo rona ba ne ba tseba hore mapolesa a ka hlaha, ho ne ho e-ba le mor’abo rona a le mong ea lebelang. Mariha teng re ne re tšoarela liboka ka tlung. Ka makhetlo mapolesa a ile a fihla ’me a re botsa hore na re ntse re etsa’ng. Ha ’na le Mairambubu re kolobetsoa, re ile ra lokela ho ba hlokolosi. (Mat. 10:16) Re kolobelitsoe ka July 1982, re kolobeletsoa nokeng ea Chüy. Bara le barali babo rona ba ile ba fihla ka lihlotšoana ’me ra tšoarela kopano ka morung. Re ile ra bina lipina tsa ’Muso eaba hamorao re mamela puo ea kolobetso.
RE EKETSA NAKO EA RONA TŠEBELETSONG
Ka 1987, mor’abo rona e mong o ile a nkopa hore ke etele motho ea batlang ho ithuta Bibele ea lulang motseng oa Balykchy. Ho ea moo e ne e le leeto la lihora tse ’nè ka terene. Ka mor’a hore re etele motseng oo ka makhetlo, re ile ra hlokomela hore batho ba moo ba rata ho ithuta Bibele. Oo e ne e le monyetla oa hore re eketse nako eo re e qetang tšebeletsong.
’Na le Mairambubu re ne re atisa ho ea Balykchy. Hangata re ne re qeta mafelo-beke re le moo ebe re ea tšimong le libokeng. Batho ba bangata ba ile ba qala ho batla lingoliloeng tsa rona. Re ne re tloha le lingoliloeng motseng oa Tokmok re li tšetse ka mekotleng ea sarasara. Le hoja re ne re isa mekotla e ’meli ea lingoliloeng ka khoeli, e ne e sa lekana. Re ne re buisana ka Bibele le batho ba ka tereneng ha re e-ea leha re khutla Balykchy.
Ka 1995 ho ile ha e-ba le phutheho ea pele Balykchy, e leng lilemo tse robeli ka mor’a hore re etele moo ka lekhetlo la pele. Chelete ea ho palama ho tloha Tokmok ho ea Balykchy e ne e le ngata haholo. Kaha re ne re se na chelete e lekaneng bakeng sa maeto ao, mor’abo rona e mong oa pula-maliboho o ne a atisa ho re fa chelete. Jehova o ile a hlokomela hore re batla ho eketsa nako eo re e qetang tšebeletsong eaba o re “bulela likhoro tsa moroallo tsa maholimo.” (Mal. 3:10) Ke ile ka hlokomela hore lintho tsohle lia khoneha ho Jehova.
RE PHATHAHANA KA TŠIMO LE HO HLOKOMELA LELAPA
Ka 1992 ke ile ka khethoa hore ke be moholo. Ke bile moholo oa pele ea buang Sekyrgyz naheng ea heso. Ho ile ha e-ba le menyetla e mengata ea ho paka motseng oa Tokmok. Re ne re e-na le batho ba bangata bao re ithutang Bibele le bona likolong tsa mosebetsi oa matsoho. E mong oa bao re neng re ithuta Bibele le bona moo, e se e le setho sa Komiti ea Lekala ’me ba babeli ke bo-pula-maliboho ba khethehileng. Re ne re boetse re thusa Bakreste-’moho le rona phuthehong. Lilemong tsa bo-1990, lingoliloeng tsa rona le liboka li ne li le ka Serussia feela. Empa batho ba bangata ba ne ba bua Sekyrgyz. Kahoo, ke ne ke tolokela bamameli e le hore ba utloisise hantle se buuoang.
’Na le Mairambubu re ne re boetse re phathahane ka ho holisa bana. Ha re ea libokeng le tšimong re ne re tsamaea le bona. Morali oa rona Gulsayra ea neng a le lilemo li 12 ka nako eo, o ne a rata ho buisana ka Bibele le batho ba fetang ka tsela. Bana ba rona ba ne ba tšoara litemana tsa Bibele ka hlooho. Ka lebaka leo, bana ba rona hammoho le litloholo tsa rona li ne li kenya letsoho mesebetsing ea phutheho. Re na le bana ba robong le litloholo tse 11. Ba 16 ba bona ba sebeletsa Jehova ’me ba ea libokeng.
LIPHETOHO
TBara le barali babo rona ba ileng ba qala ho bolela litaba tse molemo motseng oa rona lilemong tsa bo-1950, ba ka makala ha ba bona liphetoho tseo re li bonang. Mohlala, ho tloha lilemong tsa bo-1990, re ile ra ba le bolokolohi ba ho bolela litaba tse molemo le ho ea likopanong.
Ka 1991, ka lekhetlo la pele ’na le mohats’aka re ile ra ba teng kopanong motseng oa Alma-Ata naheng ea Kazakhstan, oo hona joale o bitsoang Almaty. Eaba ka 1993 ho ba le kopano ea pele Kyrgyzstan e neng e tšoaretsoe lebaleng la lipapali la Spartak, motse-moholo Bishkek. Bahoeletsi ba ile ba qeta beke ba ntse ba hloekisa lebala leo. Mookameli oa lebala o ne a thabile hoo a ileng a re lumella ho sebelisa lebala re sa patale letho.
Ka 1994 re ile ra qala ho ba le lingoliloeng tsa Sekyrgyz. Hona joale ho se ho e-na le bafetoleli ba fetolelang lingoliloeng ka puo ea Sekyrgyz ’me ba fetolela ba le ofising ea lekala e Bishkek. Ka 1998 mosebetsi oa Lipaki Tsa Jehova o ile oa lumelloa ka molao naheng ea Kyrgyzstan. Hona joale ho se ho e-na le bahoeletsi ba fetang 5 000. Ho na le liphutheho tse 83 le lihlopha tsa Puo ea Matsoho ea Russia, puo ea Sechaena, Sekyrgyz, Senyesemane, Serussia, Seturkey, Seuighur le Seuzbek. Bara le barali bana babo rona ba sebeletsa Jehova ba momahane le hoja ba tsoa litsong tse fapaneng. Ke Jehova ea entseng hore ho be le liphetoho tsena.
Jehova o boetse o nthusitse hore ke fetole bophelo ba ka. Le hoja ke tsoa lelapeng le futsanehileng ke bile ke kene sekolo sa mathomo feela, Jehova o ile a nthusa hore ke be moholo le hore ke rute batho Bibele, esita le ba rutehileng ho mpheta. Jehova o etsa hore lintho tseo re bonang eka li ke ke tsa khoneha li etsahale. Lintho tse ileng tsa nketsahalla li etsa hore ke tsoele pele ho sebeletsa Jehova ka botšepehi kaha “lintho tsohle lia khoneha ho” eena.—Mat. 19:26.
^ ser. 21 E hatisitsoe ke Lipaki Tsa Jehova. Hona joale ha e sa fumaneha.