Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Re U Lome Tsebe?

Re U Lome Tsebe?

Re U Lome Tsebe?

Ke hobane’ng ha Jesu a ile a re “ha ho ea tšelang veine e ncha ka makukeng a veine a khale”?

Mehleng ea ha ho ne ho ngoloa Bibele ho ne ho tloaelehile ho boloka veine ka libotlolong tsa letlalo la phoofolo. (Joshua 9:13) Libotlolo tsena li ne li etsoa ka matlalo a liphoofolo tse ruuoang tse kang lipotsanyane kapa lipōli. Ha ho etsoa botlolo ea letlalo, phoofolo e shoeleng e ne e pongoa hlooho le litlhakoana ebe setopo se monyoloa ka hloko letlalong e le hore mpa e se ke ea buuoa. Joale letlalo le ne le suhuoa ebe masoba ’ohle aa rōkoa ntle le la molala kapa la leoto le le leng leo e tla ba molongoana oa botlolo. Molongoana ona o ne o ka koaloa ka sepako kapa oa fasoa ka khoele.

Ka mor’a nako, letlalo leo le ne le fetoha lekoko le thata ebe ha le sa saroloha. Ka hona, ho ne ho se bohlale ho boloka veine e ntseng e lomoha ka makukeng a khale a veine. Lekoko le seng le thatafetse la lekuka la veine le ne le ka phatloha habonolo ha e ntse e lomoha. Ka lehlakoreng le leng, matlalo a macha a ne a saroloha habonolo, ’me a ne a ke ke a phatloloa ke sefutho sa moea o bang teng ha veine e ntse e lomoha. Ka hona, seo Jesu a se buileng, e ne e le ntho e tsejoang mehleng eo. O ile a bua ka se ka ’nang sa etsahala haeba motho a tšela veine e ncha ka makukeng a khale, a re: “Veine e ncha e tla phatlola makuka ao a veine, ’me e tla qhalana ’me makuka ao a veine a tla senyeha. Empa veine e ncha e tšeloa ka makukeng a veine a macha.”—Luka 5:37, 38.

‘Banna ba lithipa tse sehang ka nģa tse peli’ bao ho buuoang ka bona ha Pauluse a tšoaroa ke Baroma, e ne e le bo-mang?

Ho latela tlaleho ea Liketso, nakong eo ho neng ho e-na le morusu tempeleng Jerusalema, molaoli oa sesole oa Moroma o ile a tšoara moapostola Pauluse, a lumela hore ke moeta-pele oa sehlopha sa bofetoheli sa “banna ba likete tse ’nè ba lithipa tse sehang ka nģa tse peli.” (Liketso 21:30-38) Ke eng e tsejoang ka banna baa ba lithipa?

Lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “banna ba lithipa tse sehang ka nģa tse peli” le tsoa lentsoeng la Selatine sicarii, le bolelang “basebelisi ba sica,” kapa lithipa tse sehang ka nģa tse peli. Rahistori oa lekholong la pele la lilemo, Flavius Josephus, o ile a hlalosa Basicarii e le sehlopha sa batho ba chesehelang Bojuda ho tlōla tekano, bao e leng lira tse leqoophe tsa Roma, ba neng ba koetliselitsoe hore ba bolaee batho ka mabaka a lipolotiki.

Josephus o ile a pheta hore Basicarii “ba ne ba bolaea banna motšehare, le hona ka har’a motse; sena ba ne ba se etsa haholo-holo meketeng, moo ba neng ba itsoakanya le letšoele ebe ka har’a liaparo ba pata lithipa tseo ba neng ba hlaba lira tsa bona ka tsona.” Ha liphofu tsa bona li shoa ’me li oela fatše, Basicarii ba ne ba ikhalefisa ka polao eo e le hore ba se ke ba belaelloa. Josephus o ile a phaella ka hore hamorao Basicarii ke bona ba ka sehloohong ba ileng ba hlohlelletsa Bajuda hore ba fetohele Baroma ka 66-70 C.E. Ka hona, molaoli oa Baroma o ne a ka chesehela ho tšoara motho eo ho thoeng ke moeta-pele oa sehlopha se joalo.

[Setšoantšo se leqepheng la 15]

Lekuka la khale la veine

[Setšoantšo se leqepheng la 15]

Setšoantšo se takiloeng sa monna oa thipa e sehang ka nģa tse peli