Re U Lome Tsebe?
Na lintho tse epollotsoeng tsa khale li lumellana le se ka Bibeleng?
Makasine ea Biblical Archaeology Review e ile ea bontša hore ke batho “ba ka bang 50” bao ho buuoeng ka bona ka Mangolong a Seheberu bao hona joale baepolli ba lintho tsa khale ba ka tiisang hore ba kile ba e-ba teng. Har’a bona ke marena a 14 a Juda le Iseraele, ho akarelletsa le a tummeng haholo a kang Davida le Ezekiase, hammoho le a mang a neng a sa tuma e leng Menaheme le Peka. Ba boetse ba akarelletsa bo-Faro ba 5 le marena a 19 a Assyria, Babylona, Moabe, Persia le Syria. Leha ho le joalo, hase marena feela a hlahang ka Bibeleng le linthong tse epollotsoeng. Ho boetse ho hlaha le baprista ba phahameng, bakopitsi le benghali ba bang.
Makasine eo e ile ea boela ea bontša hore “litsebi li ntsoe-leng” hore ka sebele batho bao ba kile ba e-ba teng. Ha e le hantle, Mangolo a Segerike a Bakreste ’ona a bua ka batho ba bangata ba tsebahalang historing, bao baepolli ba lintho tsa khale ba nang le bopaki ba hore ba kile ba e-ba teng ’me ba akarelletsa Heroda, Ponse Pilato, Tiberiuse, Kaifase le Sergiase Pauluse.
Litau li ile tsa nyamela neng libakeng tseo Bibele e buang ka tsona?
Le hoja kajeno ho se na litau Libakeng Tse Halalelang, Mangolo a bua ka tsona ka makhetlo a ka bang 150, e leng se bontšang hore bangoli ba Bibele ba ne ba li tseba. Le hoja hangata mangolo a bua ka litau ka tsela ea tšoantšetso, ho boetse ho na le a buang ka tsona ka tsela ea sebele. Ka mohlala, Bibele e re Samsone, Davida le Benaia ba ile ba bolaea litau. (Baahloli 14:5, 6; 1 Samuele 17:34, 35; 2 Samuele 23:20) Ho boetse ho na le batho bao Bibele e reng ba ile ba jeoa ke litau.—1 Marena 13:24; 2 Marena 17:25.
Mehleng ea khale, litau tsa Asia (tse bitsoang Panthera leo persica) li ne li le teng Asia Minor, Greece, Palestina, Syria, Mesopotamia ho ea fihla ka leboea-bophirimela ho India. Kaha li ne li tšajoa haholo li ne li atisa ho hlaha litšoantšong tsa khale tsa Linaheng Tsa Bochabela. Marako a tsela e eang ntlong ea borena ea Babylona, a ne a khabisoa ka litšoantšo tsa litau.
Ho tlalehiloe hore ho ella qetellong ea lilemo tsa bo-1100 masole a bolumeli a ile a tsoma litau Palestina. Ho bonahala litau li ne li se li le sieo sebakeng seo nakoana ka mor’a selemo sa 1300. Leha ho le joalo, ho bonahala li ne li ntse li le teng Mesopotamia le Syria ho fihlela lilemong tsa bo-1800 athe Iran le Iraq teng ho fihlela mathoasong a bo-1900.